MASERU: Raliphatlalatso oa mokhatlo oa lipapali tsa boemo ba pele (A division) tsa bolo ea maoto o re tlholisano ea lihlopha e bile ea boemo bo phahameng.
Monghali Mothusi Letsie o hlalositse hore ka mona ka Leboea ho bonahetse sehlopha sa Ketane le Litšilo li sa itheka moroalo ho hahang.
A re e ne e le sa ntja le phiri ha li kopana. A supa hore lihlopha tse ngata li ile tsa utloa ka letlalo.
“Ka kakaretso boemo ba papali e ne e le bo holimo haholo”, ho rialo Letsie.
Haele ka mona ka Boroa teng Galaxy e hlile ea itštupa hore ha e na thaka lihlopheng tsena.
“Re bone ha e hlahisa hloho le pele lipapali li fela hore e se ntse e ipabotse”, ho bolela Letsie.
Letsie o hlalositse hore ha ho tsela e senang moepa hobane liqholotso tse ‘maloa ka hara selemo sa lipapali li bi le teng.
A hlalosa hore ho bile le lihlopha tse neng li sae lipapaling ka linako tse ling.
Ebe tse tsebileng ho ba teng mabaleng li iphumanela lintlha ha bonolo fela, e leng taba e sa khothaletsoeng hohang.
Taba engoe ea e bontšitseng ke hore lihlopha tse ling li ne li sitoa ho kopa batho ba lefapha la tšireletso ho tla lisa boemo mabaleng.
“Ke tlhokahalo e kholo ena ea tšireletso hobane ha ngata ho ba le merusu mabaleng e be papali e ka qetela e sa fela.
“Ka hona melao e hlakile hore ka mehla ho lokela ho ba le batho ba tšireletso lipapaling e le ho qoba likhohlano”, ke Letsie eo.
Letsie o tsoetsepele ho supa hore lipapali tsa Mangau li ne li hlasela le ho loantša baletsaphala.
A hlalosa hore papali ea pele (First round) ea Manonyane le Rovers ha e ka ba ea fela hobane sehlopha sa Roma se ne se qale moferefere.
A re ka mona ka Leboea Likila e ile ea lieha ho fihla ha ba ilo bapala le Galaxy.
Letsie a phethela ka hore sehlopha sa Linkwokwing University of Creative Technology se ile sa hloloa ke ho hlopha lebala ka nako ha e ne e lokela ho tla bapala le Likila.