Letona le lakaletsa Likatola tsela-tšoeu

DR MAHALI PHAMOTSE 1 (2)
Dr Mahali Phamotse

 

Letona la lekala la Tekano, Bacha, Lipapali le Boithapollo le ile la lakaletsa sehlopha sa Lesotho sa papali ea rugby Likatola tsela tšoeu ka Labohlano la la ‘Ne Motšeanong monogoaha.

Dr Mahali Phamotse o buile litaba tsena phuthehong e neng e tšoaretsoe lekaleng ka sepheo sa ho fa bahlankana thomo ea ho qetela.

Likatola e tla lebahanya thebe le Mauritius ka la Robong Motšeanong, ha Ghana e tla koebana le Rwanda.

Lipapali tsena ke tsa boemo ba bronze, sehlopha se tla hlola mona se tla nyolleloa boemong ba silver.

“Likatola ke sehlopha se sebetsang ka thata hae le kantle ho naha.

“Ka mehla ba ea hlola Lesotho, tikulohong e sitana le boemong ba Afrika ke tebello eaka hore ba tla re tlela le thlolo Ghana”, ho rialo Letona.

Letona la Tekano, Bacha Lipapali le Boithapollo o itse ha so bone sehlopha se fitlang boemong ba lefatše sa Lesotho.

A re haeba Likatola li ka fitla boemong boo e tla be e le sehlopha sa pele.

“Lesotho le na le litebello ka sehlopha sa Likatola”, ho bolela Dr Phamotse.

Dr Phamotse a supa hore ha ea khotsofala ke sephetho sa lipapali tsa linaha tsa selekane Gold Coast haufinyane.

“Taba ea hore e be libapali tsa Lesotho li khutlile tšiba ho lla tse ka mahafing ha se ntho e nthabisitseng ho hang”, ho bolela Dr Phamotse.

Letona le supile hore ba lebale ka liqholotso tseo ba tobaneng le tsona ha ba ntse ba itukisetsa leeto la bona ho leba Ghana.

A hlalosa hore mongoli e moholo o se ntse a ba hlophela, ‘me ba tla sebeletsoa ho akofisa leeto la bona.

Dr Phamotse o bontšitse hore liqholotso tsa sehlopha o tla li sebetsa le lekala ho ea fihla paramenteng.

A phethela ka hore sehlopha se tla tsamaea ka la Tšelela, Motšeanong.

Ha e le mongoli e moholo oa lekala leo monghali Tjoetsane Seoka o lebohile likompone tsa Basotho tse tšehetsang sehlopha.

A re o tla bona hore na bathusoa joang ho ntšetsa likhoebo tsa bona pele.

Seoka a toboketsa hore lipapali li thabisa Basotho, ka hona motho ea litšehetsang hore lihole le eena o lokeloa ke khau.

Monghali Letsielo Mabitle motlatsi oa mookameli oa mokhatlo oa rugby Lesotho o tšepisitse hore sehlopha se tlatla le moqhaka oa tlholo.

Mabitle a leboha tšehetso ea Letona la Tekano, Bacha, Lipapali le Boithapollo ka tšeetso eohle eo lekala le eteletsoeng ke eena le etsetsang sehlopha.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close