Lebitsong la boetapele ba papali ea bolo ea maoto naheng ea Lesotho, ke nke monyetla oa ho leboha Basotho bohle ba ileng ba iponahatsa papaling ea maobane ea ho phunyeletsa ho ea ho makhaola-khang a Nations Cup ea bo-mme ka bongata boo ebile e le letsatsi la tšebetso le likolo li ntse li butsoi. Ruri mokhatlo o leboha tšehetso e kaalo.
Kajeno (07.06.18) sehlopha sa Mehalalitoe se ile sa etsetsoa moketjane oa ho ba lakaletse tsela ts’oeu.
Moketjaneng ona ho ne ho le teng mohlomphehi motlatsi oa Tona kholo e leng Mohlomphehi Monyane Moleleki, motlatsi oa Letona Lekaleng la Tekano, Bacha, Lipapali le Boithapollo – Mohlomphehi Rethabile Marumo-Mokeane, President ea Lesotho Football Association – Adv Salemane Phafane KC, setho sa komiti ea phethatso ea LeFA monghali Sekonyela Molefe, setho sa komiti ea tsamaiso ea papali ea bolo ea bo-mme ntate Chris Bullock le litho tsa litsi tsa phatlalatso ea litaba.
Hona moketjaneng ona, Adv Phafane KC o fane ka mofao oa likete tse leshome tsa maloti ho sehlopha e le motho e seng e le President.
Mohoebi oa Lesotho, monghali Nelson oa Mohale Butchery le eena o fane ka mofao oa likete tse leshome tsa maloti ho sehlopha.
Mohlomphehi Monyane Moleleki o lakalelitse sehlopha katleho ha sehlopha sa Mehalalitoe se tla tjekana le sa Banyana Banyana sa Afrika Boroa ka Sontaha sa la 10 Phuptjane, 2018, Bloemfontein.
Polelo ena e ngotsoe ke monghali Mokhosi Mohapi mongoli oa LeFA.