Sehlopha sa rugby se bitsoang Mokhethoa oa Maseru (Maseru Select) se e lata letailana ho la Afrika Boroa ka moqebelo o tlang oa la Supa Phupu, monongoaha.
Sehlopha sena se ilo bapala lipapaling tsa seka makhaola khang (Semi Finals) le sehlopha sa Betlhem se bitsoang Skorlire.
Moqebelong oa beke e fitileng Maseru Select e ile ea shashara sehlopha sa Colligience ka lintlha tse 28 ho lehe (28 – 0) lipapaling tse neng li tšoaretsoe Lady Brand ho la Afrika Boroa.
Ka hona tlholo ena e ile ea etsa hore sehlopha sena se be maemong a boraro se tloha boemong ba bohlano.
Hantle lihlopha tse ilo koebana Betleleme (Bethlehem) ke tse ‘ne kaofela, e leng lihlopha tse hlahileng boemong ba pele hoea fihla ho ba bone tse ka holimo. Lihlopha tseo likenyeletsa Maseru Select, Lady Brand, Skorlire le Qwaqwa.
Sena se bolela hore Qwagwa e tla ntšana bothaka le Lady Brand.
Ka hona lihlopha tse tla hlola mona li tla tseka boemo ba pele le babobeli. Ha e le tse hlotsoeng tsona li tla tseka maemo a boraro le a bone.
Sehlopha sehapileng maemo a pele e tla ba sona mohloli oa liki ea monongoaha.
Hoea ka mongoli oa mokhatlo o tsamaisang Rugby ka hara naha monghali Litšitso Motšeremeli ha se lekhetlo la pele sehlopha sa Lesotho se bapala mokhahlelong o ka holimo.
A supa hape hore sehlopha sena sa Lesotho ke sona fela se bapalang liking ea Afrika Boroa.
Monghali Motšeremeli o boletse hore lihlopha tse bapalang liking ea Afrika Boroa li 16 kaofela empa eaba li aroloa ka lihlopha tse peli tse robeli sehlopha ka seng.
A toboketsa hore hape ke lekhetlo la pele ba fetela mokhahlelong oa lihlopha tse ‘ne tse ka holimo, hobane ba ne ba hlaha boemong ba botšelela kapa ba borobeli pele.
A phethela ka hore sehlopha sa habo se itlhophile, ‘me se tla sebetsa ka thata se tlele Basotho tlholo.
Re tla hopola hore ke selemo sa bohlano papali ea rugby e le teng mona Lesotho, empa e bonahala e hola ka sekhala se tšosang.
Ha se khale ha sehlopha sa naha se ilo emela Lesotho machabeng (Ghana) lipapaling tsa boemo ba Afrika. E le hore re lebeletse tse kholo ka moso papaling ea rugby.