
Engoe ea likompone tsa insurance ka hara naha Alliance Insurance Company e tla nehelana ka lebala la papali ea squash ka Moqebelo o tlang ho botsamaisi ba Maseru Club.
Kompone ena e ne e ile ea koptjoa ho ntlafatsa lebala lena.
Ka hona e ile ea lumela ho tsehetsa ntlafatso ea lebala hore e be la boemo ba sejoale-joale.
Mookameli oa lithekiso oa kompone ena mofumahali Liepollo Tsekoa o supile hore ba tšehelitse papali ena ea squash hobane ke engoe ea lipapali tse lokelang ho ntšetsoapele.
A re papali ena hape e hohela bacha ba bangata ka hona ba lokela ho bapalla lebaleng le letle la boemo ba morao-rao.
Tsekoa o tobokelitse hore Alliance e qalile ho tšehetsa lipapali ka hare ho naha ho tloha ka selemo sa 2010.
A hlalosa hore ba tšehelitse lihlopha tse tharo tsa bolo ea maoto tse bapalang boemong ba liki e kholo e leng Lesotho Correctional Services, Matlama le Lioli.
A tsoelapele ho bontša hore ba boetse ka kopanelo le mokhatlo oa baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba tsa lipapali ba tšehetsa phano ea likhau tsa selemo se fitileng le monongoaha, eleng Alliance Sports Media Awards (ASMA 2017 le ASMA 2018).
A supa hore khoeling e fitileng ea Motšeanong ba ile ba thakhola letšolo la ho ketekela lilemo tse 25 ba sebeletsa Basotho ka botšepehi.
A re ketso ena ke engoe ea tseo ba tla tsoelapele ho li etsetsa sechaba e le ho keteka le sona.
Tsekoa a toboketsa hore sena seo ba se etsang sa ho tšehetsa lipapali le mafapha a mang mona Lesotho ke mokhoa oo ba khutlisetsang ho sechaba.
Le ha ho le joalo Tsekoa o bile sechele ho hlalosa hore na ke chelete e kae e sebelisitsoeng ntlafatsong ea lebala la squash.
Mosebetsing ona o moholo ho lebeletsoe boteng ba letona la Tekano le Bacha, Lipapali le Boithapollo, bookameli ba mokhatlo o tsamaisang lipapali ka hara naha (LSRC), ho kenyeletsa le batho ba bang ba nang le seabo lipapaling.