
Moqolotsi oa “Lesotho Sports Blizz” o ile a phura leshoetla le sebapali sa khale sa papali ea squash.
Sepheo sa puisano ena e ne e le hore a fane ka maikutlo a hae ka papali ena.
Hape ho na le mafosisa a hore papali ena e bapaloa ke baruhi, empa ho se joalo e bapaloa ke motho e mong le e mong ha fela a ka tseba ho reka racket.
“Ke ithutile hore li racket li ea fapana ka boemo, ka hona ho so tsoa hore na pokoto ea hao e o tšoaretseng. Empa le ha ho le joalo ho bohlokoa ho batla racket e tla nka nako e telele ebile e le boemo bo lokelang”, ho bolela Pule Mosoeu.
Mosoeu o hlalositse hore ke mohlankana oa Ha Makhalanyane, Maseru. A re o bapalla sehlopha sa Maseru Club.
Mosoeu o supile hore o qalile ho bapala papali ena ea squash ka selemo sa 2007, ‘me haesale a bapalla hona Maseru Club.
Potsong ea hore na molemo oa papali ena ke o feng, Mosoeu o boletse hore ke mokhanni oa koloi ka hona o lokela ho nka qeto ka pele ha a ntse a khanna.
A re papali ena e morutile hore a be seli le ho nahana ka pele ha a lokela ho nka qeto. A toboketsa hore ke papali e potlakileng, ‘me sebapali se lokela ho sebelisa kelello e le hore se tsebe ho bokella lintlha tse ngata.
“Papaling ena motho o hela a itlamela, ha a na mothusi”, ho hlalosa Mosoeu.
A re ho ithuta squash ke nako e kabang khoeli fela. Mosoeu a bontša hore haeba sebapali se batla ho fihlela boemong ba hae ke haeba se ka sebetsa ka thata nako ea selemo.
O kumetseng moqolotso oa rona hore o thabetse ha mabala a ntlafalitsoe ke kompone ea Alliance Insurance.
A supa hore ba tla tseba ho ea likolong ho ea hohela bacha ho tla bapala squash. Hape bana le batho ba baholo ba tla tseba ho bapala ka linako tsohle ho se na pharela ea ho sebelisa lebala le tsofetseng kapa le ka ‘na la ntša libapali likotsi.
A bontša hore khahlanong le libaka tse ling mona libapali li lefa hanyenyane, ha libakeng tse ling ho lefuoa ho feta lekholo la Maluti.
Sebapali sena sa mokaubere sa khothaletsa bacha ho tla ka bongata.
A phethela puo ea hae ka hore papali ena bapalloa katlung, ka hona ha ho nako eo sebapali se hloloang ke ho bapala hobane pula e na kapa letsatsi le chesa.