Bophelo bo hlamatsehang – papali ea pere

Moqolotsi oa rona o ile a phura leshoetla le motlatsi oa molula setulo oa mokhatlo oa papali ea mojaho oa lipere ka hara naha.

Sena se tlile ka morao ho mojaho oa la 21 Phupu, monongoaha o neng o tšoaretsoe Dundee ho la Afrika Boroa.

IMG-20180722-WA0015
Dundee mojahong oa lipere ka Moqebelo o fitileng

Monghali Thato Sefale o boletse hore ba bile le mojaho oa boitukisetso pejana ho leeto la Dundee Butha Buthe.

O tsoetsepele ho supa hore ba atlehile ho kenela mojaho oa Dundee ka lipere tse tšeletseng ka Moqebelo o fitleng ho tsoa literekeng tsa Butha Buthe, Leribe, Berea le Mafeteng.

A re e ne e le lipere tse tharo tsa boemo ba B le tse tharo tsa A.

“Re sebelitse hantle haholo mojahong ona ntate”, ho bolela Sefale.

A toboketsa hore mojaho ona e ne e le oa boemo bo phahameng ho feta ngoahola.

A re bongata ba lipere tsa Afrika Boroa li hlaha mose ho maoatle, ke lipere tsa mali, ha se mesoantšanyane.

A hlalosa hore selemong se tlang ba tla itlhophela hore ba hape mohope o tsamaeang le M100, 000 empa mohlomong e tla be e se e phahame.

Sefale o totobalitse hore ba na le lilemo tse ‘maloa mohope o tla Lesotho. A bontša hore empa ha ba ea thaba ke tšebetso ea monongoaha.

O tsoetsepele ho supa hore setsoalle sa bona le Afrika Boroa sa nako etelele e fetang lilemo tse hlano ke hore ba kenele mojaho oo ka lipere tse tseletseng, le bona ka ho tšoana ba etse joalo mojahong oa Lesotho o tšoareloang Mohale’hoek selemo le selemo.

A bontša hore lilemong tsa ho feta ba ne ba hlola ka pere ea monghali Matekane e bitsoang Kapoleli. Eaba batho ba Afrika Boroa ba ea e reka ka mora mojaho. A re Alltogether le Ngoana Maria le tsona li ile tsa rekoa ka theko e fetang M100, 000. Pere ka ngoe.

A re ba lokela ho sebetsa ka thata ho bona hore ba hlahisa lipere ka bongata hobane ba hlokomela hore Afrika Boroa e fetohile ‘maraka oa Basotho oa lipere.

Sefale a totobatsa hore bophelo ke bo hlamatsehang ka pere.

A re ho tloha hona joale Basotho ba shebe pere ka leihlo la papali le mosebetsi hobane e ka phelisa motho.

Sefale a bontša hore ka moo ba hlokomelang pere ka teng ba ka holimo ho Afrika Boroa. A etsa mohlala ka pere ea monghali Sello Rasenya e hapileng khau ka ho hlokomela pere hantle.

A re Lesotho mona hona le lefapha la tlhokomelo ea lipere empa ha ho utloahale maputulo a lona.

A re hohle moo ba lebang teng lefapha leo le lokela ho iponahatsa ka sepheo sa ho hlokomela lipere tsa bona.

Motlatsi oa molu-setulo o itse ba tla kopana le ‘muso oa Lesotho e le hore o khothaletse bahoebi ho tšehetsa lipapali tsa pere ka hore ba theoleloe lekhetho.

A bontša hore Dundee ho ne ho na le batšehetsi ba bangata e le ho ntlafatsa mojaho oa pere ka hara naha eo. Hape ba tla atamela bahoebi ho ba khothaletsa ho isa leihlo ka lelapeng la pere.

A phethela ka hore ba tla ba le mokhethoa oa banana ba tle ba hlolisane le ba linaha tse ling.

A etsa mohlala ka hore ngoahola Dundee e ne e le lekhetlo la pele ho ba le basali ba kenelang mojaho oa lipere. A re ho ne ho bile ho na le ngoanana ea lilemo lirobeli, e bile o ne a le teng le monongoaha a palame ka matla a maholo.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close