Mahokela a thibela litlolo tsa molao ka lipapali

Mahokela a tikoloho ea Thota-moli a hlophisitse lipapali tse fapakaneng tse tla tšoareloa Thota-moli Mazenod ka Moqebelo oa la Pele Loetse monongoaha.

Sechaba se tla ba le kabelo lipapaling tsena se kenyeletsa sa Thota-moli, Ha Sekepe, Ha ‘Masana, Ha Paki, Ha Au, Machekoaneng le libaka tse ling tse potileng sebaka seo sa Mazenod.

Sepheo sa lipapali tsena ke ho keteka khoeli ea mosali oa Moafrika, ka hona ho tla tlotloa bomme ka seabo sa bona litabeng tsa ho thibela le toantšo ea litlolo tsa molao. Tlaleho e supa ha basali ba kentse letsoho letoma, ha ba re ke basali joale ba tla chechella morao.

Hoea ka setho sa komiti ea setereke monghali Khatala Senatla basali ba tšoara thipa ka bohaleng, hobane ke bana ba bona hangata ba amehang litlolong tsa molao. Joale ha e le bo’m’e bana ba tikoloho ea habo ba tseba ho buoa le bana ho ba khalemella liketso tsa botlokotsebe.

Lipapali tse tla ba moo li kenyeletsa likhomo tse tla etsa menyakoe e khahlang mahlo a batho, mokhibo ka bo’m’e, ntlamo, papali ea lipeke.

“Lipeke tsena libapalisoa ke basali ba Thota-moli ka mokhoa o khahlisang”, ho rialo monghali Senatla.

Monghali Senatla o supile hore ena o ne a tseba hore peke ke ntho e chekang le ho etsa mesebetsi e meng.

A hlalosa hore hape ho tla ba le banna le basali ba tla hulana ka ropo (Tug of war – mafapha a tšireletso). Ha e le papali engoe e ka sehlohong ke ea papali ea kalaneng (Drama) eo ka eona ho tla fitisoa thuto ka mokhoa oo litlolo tsa molao li ka etsahalang ka teng le hore na li ka thibeloa le ho loantšoa joang.

Potsong ea hore na ke hobaneng ha ba khethile ho fitisa molaetsa ka lipapali , monghali Senatla o itse ka lipapali ba batla ho tla fereha bana le batsoali ba bona ho tšoarana ka matsoho ho thibela le ho loantša litlolo tsa moalo metseng ea bona.

A toboketsa hore lipapali li kenya letsoho le toma ho thibela litlolo tsa molao hobane motho ha a qeta ho bapala u khathetse ha ho seo a se nahanang ho se etsa ha e se ho roabala.

Hape a supa hore lipapali li akofisa bophelo bo botle ‘meleng oa motho.

Ha phethela litaba tsa hae, monghali Senatla o itse matla le boikarabello ba ho thibela litlolo tsa molao metseng ea bona e le mahokela a kolla molaong oa motheo, melaong ea puso ea libaka le molaong oa sepolesa sa Lesotho.

A re ba tla thakhola lipapali tsa bona ka mokoloko ka hora ea bosupa hoseng. A hlalosa hore ha e le nama eona ke lelomolo, etsoe mokete o se nang nama ha re o bone.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close