Moifo oa lihlopa tsa lipapali tsa bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20 (Africa Union Sport Council Region 5 Youth Games) o tla leba Botswana kajeno, moo o ilo lebahanya thebe le ba linaha tse ling tse 10 tsa Afrika.

Empa ka holimo ho boetse ho memiloe naha ea Tanzania e sa oeleng likolohong ea Region 5.
Lipapali tse ilo bapaloa moo likenyeletsa mabelo, mabelo a batho ba nang le bokooa, boxing, judo, gymnastic, swimming, tennis, le volleyball.
Motlatsi oa Letona la Tekano le Bacha, Lipapali le Boithapollo mohlomphehi Rethabile ‘Mahlompho Mokaeana o lakalelitse bahlabani bana mahlohonolo hore ba sebetse hantle ba tle le likhau tse ngata ha lipapali li fela.
A re ba etse sohle se matleng a bona ho phahamisa folakha ea Lesotho.
A toboketsa hore haeba ba ka etsa joalo e tla ba sesupo sa hore ba tlilo tšoara lipapali tse tšoanang ka 2020.
A re Basotho ba kopangoa ke lipapali. Hape lipapali li kenya letsoho kholisong ea moruo le ho felisa bofuma. Ka hona a re mekhatlo ea lipapali e tšoarane ka matsoho ho ntlafatsa lipapali ka hara naha.
Mohlomphehi a phethela ka hore libapali tse ling lihloloa li lekile, empa tse ling tsona o ipotsa hore na ebe ba khethiloe joang.
A re ha ba hlotse ba hloletse Motlotlehi, naha ea Lesotho le Basotho kakaretso.
Hoea ka monghali Molupi Mothepu e leng eena motsoka sephali oa moifo ona (CDM) Lesotho le tla e meloa lipapaling tse supileng, e leng mabelo, mabelo a batho ba nang le bokoa, netball, swimming, tennis, volleyball le boxing.
Monghali Mothepu eena supile hore ke moifo oa batho ba 90 kaofela o lebang Botswana. A re ba etsang karolo ea 57 lekholong (57%) ke baroetsana.
A supa hore o lebeletse hore libapali li tlise likhau hae koano ka mora lipapali tsena ha li fellela ka la 17 Tšitoe.
O tsoetsepele ho supa hore lipapali tsa mofuta ona li tla tšoaroa Lesotho ka 2020.
Monghali Mothepu o hlalositse hore Basotho ba na le nalane ea ho se itlhophe hantle ka nako. Ka hona o se a ipiletsa ho batsamaisi ba naha ho ela hloko taba eo ba fane ka se hlokahalang ka nako e le ho akofisa boitlhopho.
A bontša hore o batla libapali li hape likhau tsa khauta fela.
Ha e le mookameli oa komisi ea lipapali ka hara naha (LSRC) monghali Khiba Mohoanyane o thakhotse puo ea hae ka hore ka selemo sa 2016 lipapaling tse tšoanang tse neng li tšoaretsoe Angola Basotho ba tlile le likhau tse ngata.
A re sena ke sesupo sa hore ho na le lintho tse sebelitsoeng hantle lipakeng tsa lekala la Lipapali, Komisi ea lipapali, batsamaisi esitana le tsona libapali ka seqo.
Monghali Mohoanyane a hlalosa hore ha ngata ha ho mohlang ho otloang sepekere hloohong ha ho itukisetsoa lipapali tsa mofuta ona, hobane ka mehla chelete e lieha ho lokolloa ke ba lokelang.
A toboketsa hore mekhatlo e mengata ha ea itukisa hantle hobane ha ho eaba le lipapali tsa setsoalle, le licamping tse nepahetseng.
Mookameli a supa hore sehlopha sa 2016 se ne se sotlehile ka ho fitisisa, ba hloka le seaparo, empa ke bona ba sebelitseng hantle le ho feta lihlopha tsa pele.
Ka hona a bontša hore haeba ba batla ho hlola ke hore ba hlobole bo bona hotle folakha ea naha kapele. A re ba tšehetsane ka linako tsohle, e be bana ba itšoereng hantle hobane ngoana e mong le e mong ke siipone sa lelapa labo.