Naha ea China e lohotha ho kenya tšebetsong molao oa hore motho ha a tlotse molao oa ho sebelisa lithethefatsi lipapaling a qosoe a akheloe ntloanatšoana.
Ho utloahala ha letona la molao la moo le se le thakhotse ho etsa setsoantšo sa moalo oo. Sepheo ke hore molao ona o kene tšebetsong monongoaha (2019).
Taba ena ho latela China e bonahala e nketsoe hlohong haholo fela, e le hore hoea ka naha ena ke ntho empe ka ho fitisisa ho sebelisa lithethefatsi lipapaling.
Re tla hopola hore ha joalo lefatšeng kakakaretso motho ea fumanoang a le molato oa ho sebelisa lithethefatsi lipapaling kotlo ea hae ke ho behelloa ka thoko ho lipapali lilemo tse ngata ho fihlela ho tse ‘ne kaofela.
Potso ke hore na e be China e bone ho sa lekana ho fana ka kotlo eo. Hape potso ke hore na ebe linaha tse ling tsa lefatse li tla e sheba joang taba ena.
Taba engoe ke hore lipapali li kenyeletsa papali ea bolo ea maoto. Joale ho ea ka tsamaiso ea mokhatlo o tsamaisang papali ena lefatšeng (FIFA) ha ba ea lebella ho hang hore litaba tsa papali eo li isoe makhotleng a molao a tloahelehileng.
Hoea ka FIFA litaba tse kenyeletsang ho tlola melao ea bolo li lokela ho tsamaea methati eohle ho fihlela ho le khotla le leholo la lipapali le bitsoang Court of Arbitration for Sport (CAS). E be moo li tla oa leoa lefeng. Re se re tla boka ha li oroha.