Summer Time ea ipabola hape

Pere ea monghali Sello Rasenya oa Berea Matšekheng e bitsoang Summer Time e ile ea itsamaela bolacha ka Sontaha lebelong la bolelele ba 1, 600 meters Mafeteng.

Re tla hopola hore pere ena ha se khale ngoahola Dundee Afrika Boroa e ipabola ka ho hlaha boemong ba bone, e bile eaba pere e hapang hore e hlokometsoe ho feta lipere tsohle tse neng li le moo ho hlaha ka makhalo ohle a naha ea bohaisane.

IMG_20190127_170919 (2).jpg
Monghali Caswell Moru

Bobeling e bile Khang ea Matšekha ea monghali Lebonang, ke ea Berea le eona, ea hlahlangoa ke ea Botha Bothe ea monghali Kaizara e bitsoang Molweni Madoda, eaba boneng e ba Surprise ea monghali Joseph oa Botha Botha, ha e le bohlanong e bile Koasakoasa ea Berea eona ke ea monghali Ntoi.

Ke lipere tse 15 kaofela tse neng li kenetse mojaho ona.

Peiso ena ea lipere e ne e le e tlotlisang tsoalo ea Nkhono ‘Mamohato, joalo ka ha a hlahetse Mafeteng.

E hlile eare ha li tloha fela eaba ka pele, ho tloha moo ea bula lekhalo ea tsamaela bolacha ho fihlela e otla khoele ka lipeta. ‘Me ea ikhapetse bokhothokhotho ba likete tse robong tsa Maluti. Eaba tse ling tse hlahlamang li fumana M6, 000, 4, 000, M2, 000 le M1, 000.

Mojahong ona oa terepele oa A division ke o neng o etela oa ho qetela oa bolelele bo tšoanang empa ona e le oa sekhahla (Flat Race Top Division), oo ona o sitiloeng ho tsoelapele ka mabaka.

Ho bonahetse ha ho buloa liheke tsa moo lipere li tlohang teng eaba ho buleha tse ling ha tse ling tsona li sa buleha, eaba lipere tse fokolang li ea thakhoha ha tse ling li ntse li setse ka moo.

Ka hona batsamaisi ba mojaho le beng ba lipere ba ile ba lumellana hore mojaho oo o so tla beheloa letsatsi le leng.

Ba hlalositse hore ka molao ha ho ea lumelleha hore lipere li ka matha mejaho e meraro ka letsatsi.

Ho sa le joalo Motlotlehi Letsie la Boraro o ile a leboha beng ba lipere ka ho nka boikhathatso ba ho tlotlisa letsatsi la Mofumahali ‘Mamohato ka peiso ea lipere tsa bona.

Motlotlehi a supa hore lipere li fana ka thabo ha li matha. A kopa hore ba lihlokomele le ho likoetlisa hantle e le hore li tsebe ho etsa mosebetsi oa tsona hantle.

A leboha lekala la lipapali, batsamaisi ba lipapali le bohle ba kentseng letsoho ho akofisa lipapali tsa pere ka hara naha.

Ha e le ea buileng lebitsong la mookameli oa mokhatlo oa peiso ea lipere ka hara naha monghali Caswell Moru o supile hore letsatsi lena la tsoalo ea Nkhono ‘Mamohato ha le tlotlisoi fela ka mojaho oa lipere, empa ho se ho keneletse le mabelo ao ona a ileng a tsoelapele ka la maobane e leng ka Moqebelo hona Mafeteng moo. Oona ke mabelo a bolelele ba 21.1 km le la likilomithara tse hlano.

A ipiletsa ho batsoali ho lumella bana ho kenela lipapali hobane ke boithapollo.

Monghali Moru o supile hore lipapali li kenya letsoho bo phelong bo botle. O tsoetsepele ho supa hore setereke sa Mafeteng se rata lintho tse ntle. A etsa mohlala ka hore sehlopha sa bolo ea maoto Bantu se sebetsa hantle ho ea fihla machabeng, hape sephetho sa lihlahlobo tsa ngoahola ke setereke sena se ipabotseng ho tsona.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close