LDA e khakola tlholisano ea ISKA

Mokhatlo oa papali ea marungoana (Lesotho Darts Association) ba hlophisitse lipapali tse tla thakhoha ka la 24 Hlakola, monongoaha Koalabata.

Tlholisano ena e bitsoa ISKA.

Lipapali tsena li tšehelitsoe ka bokhothokhotho ba chelete e likete li 10,000 tsa maluti. Li tla keneloa ke lihlopha tse 16 kaofela tse bapalang tlasa mokhatlo oa LDA.

Ho ea ka Raliphatlalatso oa mokhatlo oa LDA monghali Mpeako Phororo lihlopha tse 10 ke tsa bohareng ba naha ha tse tharo e le tsa Leboea, e be tse tharo hape tsona ke tsa ka Boroa.

Monghali Phororo o supile hore o tla re hlalosetsa ha morao hore na lihlopha tse hlotseng ha tlholisano e fitlela pheletso li tla abeloa chelete eo joang.

Lihlopha li tla koebana ka tsela e latelang:

  • Leseli vs ISKA
  • MIA vs Mali
  • Mali vs NUL
  • ISKA vs LDF

Ho sa le joalo kajeno ka hora ea bobeli le ea bone ho tla bapaloa lipapali tsa bolo ea maoto tlasa sekhele sa Econet Premier League eo e sitiloeng ho tsoelapele ka lebaka la pula ha e ne e lokela ho bapala.Tsona li tla nkhisetsana mahafi joana:

  • Sefothafotha vs LCS (14:00)
  • LMPS vs Liphakoe (16:00)

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close