Mongoli oa mokhatlo oa Rugby Lesotho monghali Litšitso Motšeremeli o re ba ile ba tšoareloa thupelo ea ho nena tšebeliso ea lithethefatsi ka hara lipapali kakakaretso.
Thupelo ena e ne e tšoaretsoe Sehlabeng sa Thuoathe ho tloha ka la 18 ho fihlela ka la 22 Hlakola monongoaha,’me e nkile matsatsi a mahlano, mokoetlisi e ne e le monghali Endrew Kamanga ho hlaha Botswana mokhatlong oa lefatše oa ho thibela lithethefatsi (WADA). Monghali Kamanga ke motho oa Zimbabwe empa o sebetsa Botswana e le moropelli.

Monghali Motšeremeli o hlalositse hore thupelo ena e hlophisitsoe ke mokhatlo oa li Olympic Lesotho (LNOC).
Batho ba neng ba kenetse thupelo e na ba ne ba le leshome, e le basali batšeletseng le banna ba bane hotsoa Lekaleng la tekano le Bacha, Lipapali le Boitlhabollo, LSRC, LNOC, LAA, LISA ha monghali Motšeremeli a ne a emetse mekhatlo kaofela.
Sepheo sa thupelo e ne e le ho eketsa barupeli ba thibelo ea tšebeliso ea lithethefatsi ka hara naha. Ba tla rupela bohle ho tloha ka likomiti tsa mekhatlo kaofela le libapali.
Hoea ka monghali Motšeremeli taba boholo ke hore ke tlolo ea molao ho hana ho hlahlobuoa, hape ha motho a fumanoe a sebelisitse lithethefatsi ka ho tšoana likotlo tsa teng ke tse boima haholo.
Hape ke hore na mokhatlo le libapali li na le litokelo tsa mofuta ofeng litabeng tsena kaofela. A re ke taba ea LSRC, LNOC le lekala la lipapali ho bona hore mosebetsi ona o phethoa ka katleho.
A etsa mohlala ka ngoananyana oa Botswana eo a ileng a matha hantle a hapa khau ea khauta lipapaling tsa li Olympic tse sa tsoa feta, ‘me e itse ha hlahlobuoa hoa fumaneha hore o sebelisitse mofuta oa sethethefatsi se hanetsoeng. O amohuoe tsohle tseo a neng a lokela ho lifumana tse kenyeletsang chelete e ngata, hape a ahloloa lilemo tse peli a le ka thoko ho lipapali, a bile a sa kenakenane le libapali tse ling.
Monghali Motšeremeli a supa hore o se a qalile ho rupela batho ba rugby, ha tloha moo o tla fetela lipapaling tse ling.
A bontša hore hape ho ne ho na le batho ba babeli ba ileng ba rupeloa pele ho bona ba hae mona. ‘Me ba ile ba ba arolela liqholotso tse ka hara mosebatsi ona.
A re ba tla tšoara kopano ba etse moralo oa hore na ba ea pele joang ka mosebetsi oa bona.
Re tla hopola hore litlalehong tsa rona re kile ra bontša hore naha ea China e ntse e etsa molao oa hore ha sebapali se fumanoa se sebelisitse sethethefatsi se thibetsoeng se akheloe ntloana-tšoana e le ho latela ka moo taba ena e leng ea bohlokoa ka teng naheng eo.