
Mokhatlo oa Baskeball o thontše litho tse peli ho koala likheo tse sa leng li ba teng pejana monongoaha.
Re tla hopola hore litho tse ‘ne tsa komiti tsa mokhatlo ona li ne li itokolle eaba ho sala likheo.
Ho ea ka polelo e ntšitsoeng ke mookameli oa mokhatlo monghali Koma Adris monghali Thabo Matooane o thontsoe e le raliphatlalatso e mocha, eaba monghali Tšeliso Kheleli eena o koala sekheo sa mookameli oa baletsaphala.
Hape komiti e entse qeto ea hore mookameli a tsoe a ntse a tšoere molepo e le mookameli oa ntlafatso ea basketball.
Monghali Adris o supile hore ba ntse ba buisana ka hore na e be e tla ba mang ea tla thiba sekheo sa mookameli oa litaba tsa basali ka hara mokhatlo.
Mookameli oa mokhatlo oa basketball o totobalitse a se na qeaqeo ea hore batho bana ba khethiloeng ho koala likheo ba na le boiphihlelo bo ba tlang ho bosebelisa ho ntšetsa mokhatlo pele, ka hona a balakaletsa mahlohonolo mosebetsing oa bona o mocha.
Le ha ho le joalo monghali Adris o supile hore khetho ena e tla hlohonolofatsoa ‘mokeng o akaretsang oa mokhatlo o tla tšoaroa ha morao selemong sena ho latela molao oa motheo oa LBA.
Ha a thetha puo ea hae mookameli o supile hore lipapali tsa tikoloho (AUSC Region 5) tse tla tšoaroa koano hae isao e tla ba monyetla o motle oa hore libapali tsa habo li fumane boiphihlelo.