Ka la 23 Tlhakubele monongoaha ho tla tšoaroa lebelo la bolele ba 5 km le 21.1 km Bochebelatsane Mantšonyane. Lebelo lena le tšehelitsoe ka chelete e kalo ka M216, 000 ke Matekane Group of Companies (MGC).

Hoea ka Raliphatlalatso oa mokhatlo oa mabelo Lesotho monghali Sejanamane Maphathe lebelo la 5 km le tla keneloa ke bacha ba lilemo li lipakeng tsa 15 le 17. Ha la 21.1 km lona le tla keneloa ke limathi tsa ho tloha ho lilemo tse 18 hoea holimo e le banana le bashanyana ka mahlakore ohle.
Ba lilelmo li tlase ba tla ngolisa ka M20.00, ha babaholo bona e le M40.00.
A re ho lefuoa batho ba leshome ba tla fitla khoeleng pele. A supa hore ba lebelo la 5km ba tla fumana meputso joana:
- M7,000
- M5,000
- M4, 000
- M3,000
- M2, 500
- M2,000
- M1,500
- M1, 200
- M1, 000
- M800, ka lehlakoreng la banana le bashanyana.
Ha ka lebelong la 21.1 km:
- M10, 000
- M6,000
- M4,000
- M3, 000
- M2,500
- M2,000
- M1,500
- M1, 200
- M1,000
- M800. Ka baroetsaneng le bahlankana hoa tšoana.
Ho boetse ho na le mekhahlelo e meng e kenyeletsang Juniors, veterans, Masters le grand masters. Bona ke limathi tse tharo tsa pele tse tla fumana bokhothokhotho ka tsela e latelang, e le ha ba ngolisitse ka M40 sebapali ka seng:
- M5, 000
- M4, 000
- M3,000
Monghali maphathe a bolela hore ho ka etsahala hore motho a hape M10, 000 le M5, 000 ebe o kibakiba ka M15, 000. A bontša hore ho ngolisoa ho bangoli ba mekhatlo ea mabelo literekeng kaofela, ha e se mona Maseru moo teng ho ngolisoang liofising tsa komisi ea lipapali (LSRC).
A supa hore lebelo le tla thakhoha ka hora ea bosupa hoseng hona ka moqebelo oo le ntse le potapota hona moo Bocheletsane. A re ka Labohlano ngoliso e tla be e ntse etsoelapele hona Mantšonyane ho fihlela bosiu.
Monghali Maphathe a toboketsa hore lebelo lena ke le koaletsoeng, e le hore ke Basotho fela ba tla ba le seabo. A thetha litaba tsa hae ka hore chelete ena kaofela e ea lipapaling, e bile e arotsoe ke mofani ka bo eena. Ha e le lintho tse ling tse kang metsi, leeto, lijo le mokhoa oa ho roabala oa libapali mofani o tla li lefella ka thoko ho M216, 000.