Sehlopha sa mapolesa sa bolo ea maoto Semunye ka moo se tsebahalang ka teng ho barati ba sona se ikemisekitse ho sebatsa ka thata monongoaha ho feta ngoahola.
Litaba tsena li boletsoe ke raliphatlalatso oa sehlopha monghali Mosiuoa Lekhooana.
Ha khobotla le Lesotho Sports Blizz sebuoela hole sa LMPS o itse:
“Moea oa rona re le sehlopha o phahame haholo ha ho bapisoa le selemo sa lipapali se fitileng”.
A re sepheo sa bona ke ho hapa liki kapa bonyane ba hlahelle ho lihlopha tse ‘ne tse ka holimo ha selemo se kolumela.
Lekhooana o tsoetsepele ho toboketsa hore ho na le libapali tseo sehlopha se arohaneng le tsona.
Libapali tseo ke tse latelang:
Kamohelo Kotolo, Thapelo Fako le Khabi Semuli.
A bolela hore ba boetse ba na le libapali tse fihlang tse hlano, e leng;
Liteboho Tsakoa ho hlaha sehlopheng sa Ace Maseru. Ha e le Motlatsi Kokoana eena o tsoa ho Ace Maseru. Thabiso Ngatane o hlaha ho Galaxy. Thabiso Mohapi le Mohale Hlajoane ba tloha ho Lioli le Swallows ka tatellano.
Raliphatlalatso a supa hore maikemisetso a maholo ke ho ba le tlholisano ka hara liki, ka hona ba tšepisa batšehetsi hore ba tlo sebetsa ka thata ho bona hore sehlopha sa bona se sebetsa hantle.
Ha tšoaela ka taba ea ho ngolisa libapali o boletse hore libapali tsa bona tse ngata li ile tsa haneloa ho ngolisoa hobane ho ne ho na le liphoso.
“Empa ha re buoa le oena tjena liphoso tse joalo li lokisitsoe, bahlankana ba nepahetse”, ho rialo Lekhooana.
Ha a menyeletsa maritsa o itse ka Sontaha se tlang ba tlo lebahanya thebe le sehlopha sa Lesotho Defence Force lebaleng la Ha Ratjomose.
O bontšitse hore ho ka lebelloa libapali tse ncha ho ba teng ka lebaleng hobane li bile le lipapali tse ngatanyana tsa setsoalle le sehlopha.
A re ho tla nkha ho sa bola, ho tla qoba lerole, khoho e tla matha ka lerapo thabeng.