Mokhatlo oa mojaho oa lipere oa Lesotho o tla thakhola mojaho oa ho tšoaea letsatsi la tsoalo la mofumahali ‘Masenate Bereng Seeiso ka la 22 Loetsoe Peka, Leribe.
Ho ea ka phala ea mokhatlo monghali Mojaki Mojaki mokete ona o tšoaroa selemo le selemo.

Ho tla ba le mejaho e tšeletseng e leng e meraro ea terepele le e meraro ea sekhahla. Ho tla lefuoa lipere tse hlano tsa pele mojahong ka mong.
Monghali Mojaki a toboketsa hore ke batho ba 30 kaofela ba tla fumana meputso e hlamatsehang sebakeng sa lipere tse ipabotseng.
Ka hara lipere tsena Basotho ba tla shebella Summer Time e tsebahalang ka ho hapa mejaho Lesotho le Afrika Boroa.
A toboketsa hore mojaho oa lipere o kenya letsoho ho holisa moruo ka hara naha, hobane chelete e fuoa beng ba lipere ba sebelitseng ka thata.
A re beng ba lipere ba tla tseba ho lefella litlhoko tsa letsatsi ka leng.
A bontša hore pere ea ho qetela e leng ea bohlano e tla fumana M800. A supa hore chelete kaofela e tšehelitseng mojaho ona ke M100, 000.
Monghali Mojaki a supa hore chelete ena e ntse e tšoana le ea mehleng ha ho liphetoho tsa letho, hobane hothoe chelete ha eo.
“Basotho ba rekile lipere tse ngata haholo”, ho bolela monghali Mojaki potsong ea hore na ho tla ba le lipere tse ncha kapa che.
A re ke mejaho e mene fela e tsebileng ho ba teng literekeng. Ha ba ea atleha ho tšoara mejaho literekeng tse ling.
A bontša hore ba tšehelitsoe ka chelete ke Komisi ea Lipapali le Boithapollo ea Lesotho ho hlaha ho Lekala la Tekano, Bacha le lipapali le Boithapollo.
Raliphatlalatso a phethela ka ho supa hore mejaho ea ketekelo ea botlotlehi e tšoareloa Leribe, Mafeteng, Mohaleshoek le Thaba Tseka ka tatellano.
Ha e le mofumahatsane Mabeile Malataliana oa Thaba Tseka o hlaloselitse leselinyana la rona hore o tla etsa lipontšo Peka ha lipere li ntse li matha.
O itse eena ke “fashion designer”. Ka morao ho bolela leeto la hae le le lelele moo a kentseng letsoho ho hlahiseng talente ea bana ba Basotho joalo ka moketeng oa maIndia le ho ithaopela ho thusa bo ‘mabotle ba Lesotho ha ba mengoe machabeng.
Mofumahatsana Malataliana a bontša hore e bile toro ea hae ea nako e telele ea ho sebetsa le mokhatlo oa mejaho ea lipere ho hlahisa talente ea Basotho litabeng tsa ho tebuka.

A bontša hore ke li “fashion designer” tse hlano tseo a tla sebetsa le bona le baroetsana ba tla tebuka (Beauty Queens). A toboketsa hore ke baroetsana ba tšeletseng ba ileng ba e mela Lesotho linaheng tse kang China, New York le India.
A re batlo kenyeletsa lipere tse tebukang, ka hona ba tla khothaletsa beng ba lipere ho koetlisa lipere tsa bona haholo.
“Haeba pere e etsa motjeko e etse joalo le tse ling tseo pere e ka khabang ka tsona”, ho bolela Malatalieana.
Sepheo sa bona ke ho khahla batseteli ho kenya letsoho litabeng tsa bonono Lesotho. O itse mosebetsi ona o etsa ka lerato le boithaopo ha ea tšehetsoa ka letho.
A re o ile a atamela lekala la Lipapali eaba haesale a lebella empa ha ho nko ho tsoa lemina. Ka hona o ile a atamela mokhatlo oa mojaho oa lipere eaba ba ea mo amohela.
Le ha ho le joalo ho na le motšehetsi a le mong a ba šepisitseng.
A hlalosa hore papali ena ea lipere e kenetsoe ke banna haholo, ka hona e kenya letsoho phokotsong ea litlolo tsa molao. A phethela ka hore hape papali ena e fana ka monyetla oa hore batho ba tlase lilemong ba be ‘moho le batsoali ba bona.