
Mookameli oa mokhatlo oa Li Olympic Lesotho mofumahali ‘Matlohang Moiloa-Ramoqopo o re mokhatlo oa habo le oa Lipapali le boithapollo (LSRC) ba sebelitse hantle monongoaha ba le mmoho.
Moiloa-Ramoqopo o boletse litaba tse moketeng oa selemo oa LNOC le LSRC o neng o tšoaretsoe mapatlelong a LNOC ka Sontaha sefitileng.
Lesotho ka moo a bitsoang ka teng machabeng moo a emetseng Lesotho teng o supile hore batsoa nalaneng e bosula ea ho se sebetse mmoho ele mekhatlo e mmeli e tsamaisang lipapali ka hara naha.
Mofumahali Moiloa Ramoqopo totobatsa hore baookameli le bangoli ba mekhatlo ke batho ba bohlokoa hobane ke ka bona mekhatlo e phelang.
A re selemong se secha ba lokela ho sebetsa ka thata hobane batlo tšoara lipapali tse kholo tsa AUSC Region 5. A bontša hore ba na le qholotso ea ho lokisetsa lipapali tsena.
Mookamelo oa LNOC a totobatsa hore ho ne ho lokela hore ha joale lihlopha tse tlang ho bapala selemong se tlang li se likopane li lula mmoho empa ha ho joalo. A kopa hore selemo se tlang e be sa tšepo, ba seke ba lahla tšepo hohang.
“Lipapali tsena re tla li tšoara hantle mmoho”, ho bolela Lesotho.
A lakaletsa bohle ho keteka hantle ka boitlhompho le boikarabello.
Ha e le monghali Sebajoa Sebajoa mookameli oa mokhatlo oa Cricket Lesotho (LCA) ha a buoa lebitsong la baokameli ba mekhatlo ea lipapali le bangoli o itse LNOC e re ba theole moea e le ho itlhophela ho sebetsa ka thata selemong se tlang.
A supa hore ka hona ba sebelise monyetla ona oa ho ithabisa ho kopanya maboko hore na mathata a na a lichelete ba ka oa fenya joang selemong se tlang.

Moetapele oa Komisi ea Lipapali le Boithapollo monghali Jobo Raswoko eena o bontšitse hore ha ntse ba keteka ba tšohle kholo ea lipapali mmoho.
A re ketso ena kea teboho hobane batho ba fuoang tlotla ke ba tsoang mosebetsing.
O tobokelitse hore LNOC le LSRC li kopane e le ho etsa monna a motenya ho ntlafatsa lipapali Lesotho. Ka hona batho ba lipapali ba na le moea hoa ho ikopanya ba bapale mmoho, ba be le sepheeo se le seng.
Monghali Raswoko a thetha puo ea hae ka ho supa hore ba thabe ka boikarabello e le batsamaisi ba lipapali ka hara naha.