Majantja e haha sehlopha

Ka morao ho hore sehlopha sa Majantja sa Mohales’hoek se khethe komiti ka la Hlano khoeling ena se ile sa hlahisa komiti eo sechabeng ka Labohlano le fitileng.

dig
Monghali Matsana Masiphule

Sehlopha sena se bapala mokhahlelong oa bobeli e leng A Division.

Ho sa le joalo komiti e boetse ea tsebahatsa libapali tsa sehlopha.

Komiti e eme joana: Molula-Setulo ke benghali Matsana Masiphule, Motlatsi oa hae Khursheed Ahmed, mongoli Katiso Mohlalisi, motlatsi oa mongoli Rethabile Selebalo, ralichelete Letlatsa Moeketse, raliphatlalatso Lehlohonolo Moeketse, team manager  Phomolo Mantule, litho ke benghali Tšepo Khasake,  Molelekoa Motlatsi le mofumahali Puleng Makhate.

Hoea ka mookameli oa komiti monghali Matsana Masiphule monongoaha ha se ngoahola hobane ke selemo se fapaneng le se fitileng.

“Sehlopha sena ke sa matsoalloa a Mohale’s hoek kaofela, ha se sa motho ea itseng” ho hlalosa monghali Masiphule.

Ha a tšolela baqolotsi ba litaba tsa lipapali ‘mokeng oa bona o neng o tšoaretsoe Majantjeng o itse sehlopha sena se tlo tsamaisoa ka boiphihlelo (Professional).

A supa hore chebelopele ea bona ke hore litekete tsa sehlopha li tla rekisoa “Computicket” ha li na ho rekisetsoa khorong ea lebala.

Monghali Masiphule a toboketsa hore ba batla ho bona kholo ea sehlopha e tlisetsa sechaba thabo.

Ha e le mongoli oa sehlopha monghali Katiso Mohlalisi o itse ba leboha komiti e fitileng ka moo ba ileng batsamaisa sehlopha ka teng, A re ba buoa ka sehlopha se nang le boiphihlelo haholo.

A bontsša hore komiti ea nakoana e ile ea khethoa ‘mokeng o khethehileng eaba e fuoa mosebetsi oa ho ngolisa sehlopha.

A re sehlopha se boemong ba bohlano lokong ka mora ho bapala lipapali kaofela tsa mokhahlelo oa pele.

Monghali Mohlalisi a supa hore sehlopha se phela ka chelete ka hona balateli ba qalelle ho nka likarete tsa botho tse mekhahlelo e me beli e leng tsa M100 le M50.

A bolela hore tsa mokhahlelo oa pele motho o tla kena mahala lebaleng ha sehlopha se bapalla hae e bile e na le foto ea monga eona. Haele oa bobeli ha e na foto ‘me motho o tla lefa ha kena lipapaling tsa sehlopha.

dig
Monghali Katiso Mohlalisi

A tsoelapele hore ho tla rekisoa li “sticker” tsa makoloi.

Mongoli oa komiti ea Majantja a supa hore hape ho na le komiti e tla sebetsana le ho kenyetsa sehlopha chelete “Fundraising Committee”, ‘me molula-setulo oa eona ke motlatsi oa molula-setulo monghali Khursheed.

Mongoli a phatlalatsa hore Labohlano le leng le leleng ke letsatsi la Majantja, ‘me motho e mong le e mong a akhele M10 ka mokotleng ka sepheo sa ho holisa sehlopha sa Majantja.

A etsa kopo ea hore motho e mong le e mong ea nang le letšoao “logo” la Majantja ba itlalehe ofising ea sehlopha ho tla buisana hore na ba tla sebetsa joang le ho ea pele.

A toboketsa hore ba tla sireletsa letšoao leo ka molao. A nena tšebeliso e fosahetse moo batho ba ithuhisang ka letšoao la Majantja.

Monghali Mohlalisi a leboha bohle ba ileng ba kenya letsoho ho thusa sehlopha, empa ka ho khetholoha a leboha Supper Hardware, monghali Khursheed, Mdlokovani Transport, Jandrall le mofumahali Puleng Makhate.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close