Sehlahisoa sa Majantja ke molleloa

dig
Monghali Masiphule o hlahisa metsi a Majantja sechabeng

Sehlopha sa Majantja se phatlalalitse metsi ao se tlang ho a rekisa ka sepheo sa ho holisa mokotla.

Mongoli oa sehlopha monghali Katiso Mohlalisi o bontšitse hore metsi ao a na le letšoao la Majantja.

 Ka hona ba lebeletse hore bahoebi ba Mohales’hoek ba rekise metsi ao.

Ka hona komiti ea “Fundraising e tla bona hore metsi ao a ea rekisoa hohle hobane a tla pharalla le naha ea Lesotho hobane Majantja a teng hohle.

“Libapali tsena li tlo lefuoa ka sehlahisoa sena se metsi a sehlopha sa Majantja”, ho bolela mookameli oa komiti ea sehlopha sa Majantja monghali Masiphule.

A toboketsa hore sehlopha se tla fumana Maluti a mabeli botlolong e ngoe le engoe.

A hlalosa hore ke lekhetlo la pele Lesotho mona ho ba le sehlopha se bang le sehlahisoa sa mofuta ona. Monghali Masiphule a supa hore sehlahisoa sena ke molleloa.

A mema batho bohle ho reka metsi a Majantja e le tšehetso ho sehlopha, le hore libapali li fumane moropotso ka moso.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close