
Litsebisong tsa kajeno tsa sehlopha sa Lioli sa Berea mongali Motlatsi Mofokeng e leng motlatsi oa raliphatlalatso oa sehlopha o itse libapali tse peli li ea kula.
Libapali tsena ke Mafa Moremoholo le Thato Sefuli. Tlhaloso ke hore libapali tsena ka bobeli ba tsoana li na le bohloko ka mahetleng.
Puisanong le Mofokeng o boletse hore tsena ke litholoana tsa papali ea Lioli le sehlopha sa mapolesa a Lesotho ka Laboraro le fitileng, mooo Lioli e ileng ea utloa ka letlalo ha e masoloa ke mapolesa ka lintlha tse peli ho e le ngoe (2-1).
O tsoetsepele ho supa hore ngaka e hlalositse hore bahlankana bana ba koetle ka mokhoa o mosesane e le ho qoba ho ithonkha, ha ba ntse ba le tlasa tlhokomelo ea ngaka.
Raliphatlalatso o phethetse ka hore ngaka e tla etsa qeto ka morao ho beke hore na masole ana a “Tse Nala” a lokela ho etsa joang.