Mokhanni oa koloi ea lephele (4+1) o qosoa ka ho thula libapali tse ‘ne tsa mabelo a libaesekele ka Moqebelo bekeng e fitileng pela Katlehong, Maseru.
‘Melaelloa o tla hlaha khotla haufinyane ha lipatlisiso tsa sepolesa li kolumetse. Sepolesa se utulotse hore melaelloa o ne a se na mangolo a ho khanna koloi, hape le koloi eo ha e na mangolo a e lumellang ho hoeba.

Ha kotsi e etsahala ho ne ho na le baeti ba babeli ka koloing ka moo, ba le bararo ka mokhanni.
Koloi ena e neng e matha ka lebelo le phahameng e ile ea thula koloi le libapali tse neng li kaletse libaesekele tse ‘ne tse neng li kenetse mojaho o tlohang mehahong ea Matekane Group of Companies (MGC) o leba Bochebeletsane, Mantšonyane.
Lipalami tseo li ile tsa isoa sepetlele, moo tse tharo li tsebileng ho lokolloa ha se le seng se amohetsoe sepetlele Queen ‘Mamohato ka maqeba a mabe.
Ha e le moqhobi le eena o ile a lokela ho ea sepetlele hobane lipapalami tse ling li ile tsa motšoara ka thata ka mora kotsi eo. Sepolesa se fihlile a se a le bonolo.
Tlaleho ka raliphatlalatso oa mokhatlo oa libaesekele Lesotho (FCL) monghali Malefane Morie o supile hore mojaho o tlohile hoseng ka hora ea bosupa, ‘me o ne o sa e telloa pele ke sepolesa joalo ka ha ho etsahala ka mehla.
A re litlhopho tsa hore sepolesa se be teng li ne li entsoe empa se ile sa lieha ho fitla, ka hona mojaho oa thakhoha pele se fitla.
Monghali Morie o bontšitse hore mojaho oo o ile oa lokela hore o qhaloe lipalami li palamisoe bese ho leba Bochebeletsane ho ea itukisetsa mojaho oa letsatsatsi le hlahlamang e leng ka Sontaha.

Ho sa le joalo raliphatlalatso o hlalositse hore sepalami sena se ntseng se le liphateng tse chesang ke Teboho Khantši. A re o ne a itlhophela hoea kenela lebelo Mauritius ho tloha ka la 23 ho fihlela ka la 29 Khoeling e holimo.
Monghali Morie a toboketsa hore Khantši o ne a tla kopana le ba habo ba ntseng ba ikoetlisa Cape Town Afrika Boroa ebe ba fetela moo ntlo e chang.
A tsoelapele ho supa hore lebelo leo le ne se le chechisitsoe ka lebaka la seoa sena sa corona se ntšoentseng lefatše. Ka hona le se le tla thakhoha ka Phuptjane monongoaha, ‘me mohlankana enoa ha sa tla tseba ho le kenela ka lebaka la likotsi.
Ha e le lipalami tse ling tsona ke Frances Ramotla, Tohlang Rampetla le Masiea Rampetsi e leng ba ileng ba alafuoa ba ba lokolloa sepetlele.
Mojaho ona o ne o tšehelitsoe ke MGC ka M60. 000. Hape motšehetsi o ile a fana ka M20.000 hore lipalami tse tsoileng likotsi li tseba ho okoa hantle, ha a fumana sealuma sena.
Ha e le Raliphatlalatso oa sepolesa sa Lesotho o netefalitse hore ho bile le kotsi empe Katlehong. A hlalosa hore ho amehile libapali tse ‘ne, e mong oa bona o maemong a hlobaetsang, ka hona o amohetsoe sepetlele se boletsoeng ka holimo.
Ha e le moqhobi ho utloahala hore ka morao ho kotsi eo pelaelo ke hore libapali tse ling li ile tsa motšoara ka thatanyana hoo le ena a ile a lokela ho leba sepetlele hoea fumana kalafo. Le ha ho le joalo o se a lokolotsoe.

Raliphatlatso oa sepolesa sa Lesotho Superintendent Mpiti Mopeli o manolotse hore ha se ‘nete hore koloi eo e amehileng kotsing ena ke ea lepolesa. Hape ke pepe hore e ne e lelekisoa ke sepolesa sa matšolo a ikhethileng (SOU).
Supt. Mopeli ha a tsitsilela leselinyana la rona mahomo a tsona, o bontšitse hore ‘melaelloa ha so hlahe ka lekhotleng, empa o tla hlaha hang ha lipatlisiso liphethetsoe.