Papali engoe e bonahalang e khahla Basotho ke mojaho oa lipere ka hare le kantle ho Lesotho.
Basotho ba tla hopola hore ho na le pere ea monna oa Mosotho e bitsoang Summer Time ea terepele, monga eona ke monghali Sello Rasenya oa Bela Bela.

Pere ena e ile ea ipabola ka ho siea mejahong e mmaloa Lesotho le Afrika Boroa. Ka holimo ho moo e ile ea hapa ho ba pere e fepehiileng hantle ho feta lipere tse neng li kenetse mojaho Dunndee Afrika Boroa lilemong tsa ho feta.
Ka hona monghali Rasenya o ile a fumana moqeqeko oa thepa e sebelisoang ke pere ea boemo ba lichelete tse phahameng.
Thepa eo e ne e kenyeletsa sale ea maemo le thepa engoe ea pere. Potsong ea hore na pere eo e ho kae monongoaha monghali Rasenya o itse:
“Pere e ntse e le teng setaleng, e koetla hoane le hoane. Selemong sena ke itlhophile ke bone liphoso nakong e fitileng, ‘me ke batla ho tla lokisa boemo boo”, ho rialo monghali Rasenya.
“Chelete e lutse fela Afrika Boroa e ngata, hoa bohlokoa ke ho itukisa hantle re tsebe ho hapa chelete eo”, ho bolela monghali Rasenya.

Le ha ho le joalo monghali Rasenya o supile hore batsamaisi ba litaba tsa terepele mojahong oa Dundee Afrika Boroa ha ba sebetse hantle. A re mojaho o tšoaroa bosiu lipere li sa bonahale hantle ha li ja thota.
A toboketsa hore liqeto tse etsoang moo ha li khotsofatse. A hlahisa hore komiti ea Lesotho e lokela ho kopana le botsamaisi ba Afrika Boroa ba lumellane hore mojaho oa mantlha oa chelete e fetang M100, 000 o tšoaroe e sa le motšeare.
Ha e le phala ea mokhatlo oa lipere oa Lesotho monghali Mojaki Mojaki o netefalitse hore batsamaisi ba mojaho oa Dundee ha ba sebetse hantle le bona.
A re boahloli ba moo bo ba bolella fela hore pere e hlotse, ha ho hlake mokhoa oo ba sebetsang litaba tsa bona ka teng.
A bontša hore mojaho ona ke oa machaba-chaba ha se motho e mong le e mong a isang pere ea hae moo, empa ha ho na mekhoa e hlakileng ea ho sebetsa litlelebo tsa beng ba lipere.
Monghali Mojaki a hlalosa hore ba lokela ho kopana pele mojaho o thakhoha ho lokisoe melao e tsamaisang mojaho ona.
A tsoelapele ho bolela hore mojaho oo o tsamaisoa ke batho ba nang le lipere moo, ka hona ba na le thahasello.
A thetha puo ea hae ka hore monongoaha ba ne ba lebeletse hore ba tla mengoa ke naha ea Botswana, empa joale lefu lena la Corona e bile pharela.