Monongoaha ha se ngoahola, ho tla nkha ho sa bola

Naha ea Afrika Boroa e akhela chelete e seshongoana mojahong oa lipere tsa terepele, e bile chelete eo e ketseha ka selemo se seng le se seng.

IMG-20200401-WA0031 (2)
Monghali Sello Rasenya

Pere etsoileng maemong a pele mojahong o  moholo e kibakiba ka chelate e seng ka tlase ho M100,000.

Ha mojaho ona o tšoaroa Basotho ba ikakhetseng ka senqo pehisong ea lipere ba ea mengoa ho kenela mojaho ona ka lipere tsa bona ka tšebelisano ‘moho le mokhatlo oa mojaho oa lipere oa Lesotho.

Ka selemo sa 2018 pere ea monghali Sello Rasenya e bitsoang Summer Time e ne e hape M40,000 e hlahile boemong ba bone. Mojaho ona o tšoareloa Dundee Afrika Boroa.

Taba engoe e khothatsang ke hore ho na le lipere tse sehlotšoana tse kenelang mojaho oo tse rekiloeng Lesotho koano ke batho ba Afrika Boroa.

Monghali Rasenya e le boitlhopho ba ho hapa mejahong e tlang o nehetse lipere tsa hae tse ‘ne Afrika Boroa ka sepheo sa ho fumana lipetsana tsa mali.

Puisanong le monghali Rasenya o hlaloselitse Lesotho Sport Blizz hore monongoaha ha se ngoahola ho tla nkha ho sa bola.

Monghali Rasenya oa Bela Bela o supile hore ka hara lipere tsena tsa hae tse ‘ne o tsebile ho fumana lipetsana tse peli e tona le e tšehali. A re lipetsana tseo li na le likhoeli tse tšeletseng.

“Ke lintho tse kotsi haholo kea hole ka mojaho, selemong se tlang le sa 2022 ba tla kopana le lipela lifalla batho ba Afrika Boroa”, ho bolela monghali Rasenya.

Ha a tsoelapel o itse petsana e tšehali ke Talitha Cumi, ha e tona e bitsoa Force of Gravity.

O fane ka nalane ea Talitha Cumi ka hore o ile a lora ‘ma eona e tsoetse petsana e tšehali eaba ‘ma eona ea kula e hloloa ho phahama moo e oetseng teng.

IMG-20200331-WA0049 (2)
Pere e nt’sonyana ke Talitha Cumi, ha engoe e ka koano e le Force of Gravity

A re o ile a fihla a e phahamisa a re: “Ausi ema u tsamae”, (Talitha Cumi).

Monghali Rasenya o tšoantšitse litaba tsena le tsa bebeleng ha Morena Jesu a fitla motseng o mong a re ho ngoananyana eo a neng a kula “ema u tsamae”. Ke ha a tla reha petsana ena le bitso leo.

A bontša hore puo ena kea Seheberu, ‘me ke le khethehileng sebakeng sa petsana ena.

“Ke ntse ke fina ntho e thata, ho na le petsana ea Summer Time lebitso la eona ke Nelly.

“Ho tla apoloa ho apesoa, ke sentse ke e koetlisa le eona e khoeli lihlano hajoale”, ho toboketsa monghali Rasenya.

A re hape ho na le petsana engoe ea poho ea Summer Time e bitsoang Over Drive.

“Ke tšoere mello fela monogoaha”, ho phetela monghali Rasenya.

 

1 thought on “Monongoaha ha se ngoahola, ho tla nkha ho sa bola

  1. Tsoara joalo ntate lerato la hau lipereng le ntlhomola pelo.Tsamaea o ilo beha Lesotho la Moshoeshoe mapeng koana machabeng,mabitso a likatola tsena tsa hau ke a nang le bophelo o bontsa hantle hore u etsa ntho eo u e ratang.

    Like

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close