Seoa sa kokoana-hloko ea COVID-19 se kentse letsoho letoma ho nyehlisa litšebeletso le ho emisa lipapali lefatše lohle, e sitana le ho thefula mekholo.

Le ha lihlopha tse ling li na le likompone tsa batšehetsi ha ho ea lekana, ka hona lifumana chelete ha libapetse ka litefiso tse e bokelloang likhorong tsa mabala.
Ka hona libapali tsa bolo ea maoto tseo boholo ba tsona liphelang ka ho bapala ho hlaheletse li amehile haholo hoo le meputso ea tsona e lokelang ho kheketluoa.
Ha e le moputso oa libapali tsa sehlopha sa Lioli sa Berea, Ha ‘Mamathe meputso ea bona e fokolitsoe ka linoko tse 30 lekholong (30 percent).
Ho ea ka motlatsi oa raliphatlalatso oa sehlopha sa Lioli monghali Motlatsi Mofokeng o supile hore pejana komiti e tsamaisang sehlopha e ne e e ntse qeto ea ho khephola moputso oa libapali ka linoko tse 50 (50 percent) lekholong, empa ha morao ea lumelana ka linoko tse 30.
Ka hona le ha monghali Mofokeng a sitiloe ho bolela hore na libapali li ne lithabile kapa che hobane ha so ba batle maikutlo ka liphetoho tsena , empa u bone ho le betere haholo ho feta qeto ea pele ea karolo ea linoko tse 50.
A re qeto ena ea bobeli e ka nna ea tlisa posotselo ho bahlankana.
Ho sa le joalo ho na le litaba tse hlahang ho marangrang tsa hore mokhatlo o tsamaisang bolo ea maoto lefatšeng (FIFA) o ntse o lohotha ho etsa molao oa hore ho e be libapali tse hlano tse ka kenelang tse ling khahlanong le tse tharo tsa pele (Substitutes).
FIFA e tsoelapele ho bontša hore libapali tse peli tsona li fetolane ha papali e le khefutsong ka sepheo sa ho qoba ho senya nako.
Puisanong ea Lesotho Sports Blizz le monghali Mofokeng o hlalositse hore ena o thabetse phetoho eo ha e ka etsahala.
A toboketsa hore ho sa le boima haholo lihlopheng, empa ha ho ka etsahala joalo taba eo e tla ba pholosa ka ho matlafatsa sehlopha.