Ka morao ho hore leselinyana la rona le utloele ka ho se shebele ‘moho hoa mokhatlo oa papali ea rugby (FLR) le Komisi e tsamaisang lipapali Lesotho (LSRC) ka hore koloi e fanoeng ke kompone ea Matekane Group of Companies e filoe mokhatlo oa rugby kapa LSRC, re boetse ra e etsa tšalo morao.

Basotho ba tla hopola hore koloi ena ea Sprinter e ile ea fanoa ke MGC ka morao ho hore ebe libapali tsa rugby tsa baroetsana tsa Lesotho li ea hlokahala naheng ea Afrika Boroa ha tse ling li ile tsa tsoa likotsi.
Ha re phura leshoetla le raliphatlatlatso oa LSRC monghali Teboho Rakhomo o hlalositse hore ba ile ba bitsa boemeli ba mokhatlo oa rugby.
A toboketsa hore ba ile ba ba kopa ho hlakisa hore na ke hobaneng ha ba re koloi ke ea bona eseng LSRC.
A re ba supile hore polelo eo e entsoeng ke koranta eo ka hore li boletsoe ke mongoli oa bona ha e ea nepahala. Ba re bona ba ne ba bolela hore ba na le bolokolohi ba ho sebelisa koloi ho feta mekhatlo e meng.
Monghali Rakhomo a hlalose hore seo baneng ba se bolela ke hore ba lokela hore ha ba hloka koloi ho sa tsotellehe hore na ho na le mokhatlo o e kopileng ba e fumane hobane e tlile LSRC ka morao ho hore ebe ba bile le libapali tse ileng tsa hlaheloa ke mathata Afrika Boroa.
E le hore ba lokela ho fuoa monyetla oa pele.
Ka hona LSRC e fane ka taelo ea hore FLR e kopane le koranta eo ba e bolelle hore e hule polelo eo, ‘me haeba ke nnete ke phoso ba tla etsa joalo, empa haeba ke litaba tsa bona koranta ha e na ho fetola letho.

‘Me ba filoe ho etsa joalo ho fihlela ka Labobeli la la 26 Motšeanong, monongoaha. Hape ba lokela ho ngolla LSCR le MGC, ba etse phatlalatso ea litaba (Press Release) ho kopa tšoarelo ka lipuo tsena tsa bona.
Ha e le ralipatlalatso oa mokhatlo oa Rugby Lesotho monghali Morapeli Motaung o itse ba tla kopana hape le LSRC ka Mantaha oa la 25 Motšeanong, empa le ha ho le joalo ha ba tseke koloi.