Letona la lekala la Bophelo mohlomphehi Motlatsi Maqelepo o tšoenyehile haholo ke ho bona karolo engoe ea sechaba le likhoebo ba sa ikobele melaoana e reretsoeng ho sireletsa sechaba khahlanong le tšoaetso ea COVID – 19.

Polelong e etsoeng kajeno (25.05.2020) Letona le ipilelitse ho sechaba sa Basotho ho etsa se nepahetse ho thibela ho ata hoa kokoana-hloko ena, haholo ha Lesotho le se le na le batho ba babeli ba nang le tšoaetso.
A kopa hore batho ba etse ho nepahetseng haholo hobane melaoana ena e tla kena tšebetsong likhoeli tse tšeletseng.
Letona le supile hore likhoebo tse bonahalang li sebetsa ka thoko ho molao ke libara, li night club le thitelo ea joala ka hara metse.
Mohlomphehi Maqelepo o tobokelitse hore ho boetse ho na le karolo engoe ea sechaba e ntseng e khobokana empa ho sa lokela, joalo ka mabaleng a lipapali, likerekeng, mafung le likopanong tse ling ka hare ho metse.
Letona ha le phethela polelo ea lona le bontšitse hore sechaba se itlhokomele e le hore ba tsebe ho laola le ho hlola lefu lena la COVID-19.
A hopotsa sechaba hore Mosotho oa khale o opile lenaka hlohong ha a re “Ho ipaballa ho molemo ho feta sethlare.