Mookameli oa sepetlele sa Berea Dr Mpho Shale o lahletse matjoing taba ea hore mokuli ea nang le tšoaetso ea corona o lahliloe kherehloa.

O manolotse litaba tsa mosali oa Mosotho oa Qacha’snek eo ho utloahetse hore o lokolotsoe sepetlele moo a ntse a na le tšoaetso ea covid 19.
O supile hore ho latela li tataiso ea mokhatlo oa lefatše oa bophelo ka morao ho hore motho ea nang le tšoaetso a qete matsatsi a 14 a le sebakeng se khethehileng a se na matšoao a ka lokolloa.
Dr Shale o supile hore sepetlele sa Berea ke sona se khethetsoeng ho boloka batho ba nang le tšoaetso ea covid 19.
A supa hore mokuli oa Qacha’s nek o qetile matsatsi a 14 a le moo sepetlele sa Berea.
A re ba ile ba hlalosetsa bakuli bana ka botebo hore na ho sebetsoa joang, eaba ba supa hore ba ea utloisisa.
“Ha se ‘nete hore re lahlile mokuli oa Qaha’snek kherehloa “, Ho hlalosa Dr Shale.
A re ba ile ba kopa koloi Qacha’snek eo e tla isa bakuli bao hae ha ba lokolotsoe. Mokuli eo eena a ikhethela ho tsamaea a re ha na ho emela koloi eo o ea Maseru.
Ha e le mokuli oa bobeli eena koloi ea bakuli e ile ea fitla ea mo isa Qachas’nek.
“Haeba mokuli eo ha ea hloka mamello o ne a tla tsamaea le eo e mong”, ho toboketsa mookameli oa sepetlele sa Berea.
Dr Shale o boetse a hlalosetsa baqolotsi le baphatlalatsi hore ke mafosisa a hore baoki le lingaka ba nyonya bakoli ba seoa sena, empa ba sebetsana le bona ka hloko e le ho qoba ho tšoaetsoa.
Ka hona ho na le nako eo ba atameloang le ho se atameloe ha ba bahlahlojoa.
A re bakuli ba rutiloe hore ha ba sa khotsofala ke ka moo ba tšoerong ka teng sepetlele moo ba bolelle bookameli e seng ho letsetsa hae kapa liphatlalatsong ka hofapana.
Haele Dr Ts’epang Lekhela mookameli oa Survailance o hlalositse hore ka mora matsatsi a 14 mokoli a le sepetlele sebakeng se khetheileng ba boetse ba ea mohlahloba.
Are ba fumane litataiso hotsoa ho mokhatlo oa lefate oa bophelo le ho nka malebela naheng ea bohaisane, hore haeba motho a se na matšoao ka hara matsatsi a 14 menyetla e se e fokola haholo ea hore a ka fitisetsa tšoaetso ho motho e mong, ka hona a ka lokoloha, empa ba tla tsoelapele ho etsa tšalo morao ka bophelo ba hae.
A supa hore bakuli bababeli ba Qacha’snek ba ile ba phetoa ka litlhahlobo ka mora matsatsi a fetang a 14.
A re liphetho li bontšitse ba ntse ba na le tšoaetso ha sephetho se khutla Afrika Boroa. Ka hona hobane ba ne ba se na matšoao ka hona ba etsa qeto ea ho ba lokolla.
Litaba tsena li hlaheletse sebokeng sa baphatlalatsi se neng se tšoere Lekaleng la Bophelo kajeno.