
Setsi sa ho hlahloba tšoaetso ea seoa sa COVID 19 se thakhotse tšebetso ea ho hlahlobela tšoaetso ka la Hlano khoeling ea Phuptjane monongoaha ka hara naha.
Setsi sena se fumaneha Lepereng Maseru.
Le ha ho le joalo litlhatlhobo li ne li netefatsoa Afrika Boroa, empa ho tloha ka la 11 khoeling eo ke ha Lesotho le iketsetsa mosebetsi oo ka botlalo.
Ka hona ba se ba tsebile ho etsa litlhatlhobo tse 1, 700 ho fihlela ha joale.
Taba engoe e hlaheletse sebokeng sa baphatlatsi ka la 24 Phuptjane monongoaha Lekaleng la Bophelo ke hore ha se ha bonolo hore ho ka hlahlobuoa batho bohle, empa ho hlahlobuoa batho ba belaelloang ka hore ba na le tšoaetso, kapa ba hlahang linaheng tse ling ha ba ntse ba bolokiloe libakeng tse khethehileng .
Hoea ka Director General of Health Service Dr ‘Nyane Letsie boemo ba seoa sena ka hara naha bo se bo fihletse boemo bo holimo.
“ Ke litereke tse tšeletseng kaofela tse seng li na le batho ba nang le tšoaetso”, ho bolela Dr Letsie.
A tsoelapele ho hlalosa hore Basotho ba lokela ho itlhokomela ka thata ka sepheo sa ho thibela seoa sena.
Dr Letsie a toboketsa hore sepheo sa lekala la bophelo ke ho sireletsa bakoli le sechaba kakakaretso.
Lesotho le na le batho ba 17 ba nang le tšoatso ka hara naha. Ho boetse ho ntse ho lebeletsoe litlhahlobo tsa batho ba 300 tse tla phatlalatsoa ha morao.