Setho sa sepolesa sa Lesotho se sebetsang motebong oa sepolesa sa Ha Thetsane , Maseru se fumanoe se na le tšoaetso ea coronavirus.
Puisanong le LSB raliphatlalatso oa sepolesa sa Lesotho Superintendent Mpiti Mopeli o netefalitse hore lepolesa la monna le fumane sephetho ka Labohlano (03.06.2020).
A supa hore ka hona bookameli ba sepolesa bo entse qeto ea ho koala motebo oo, ha ho tla tsoelapele ho hlahloba mapolesa ohle a sebetsang moo, ho hloekisoe liofisi tseo pele li sebelisoa.
A bontša hore ha boemong ba ho bolela hore na ho tla boela ho fanoa ka litšebeletso neng hape, empa sechaba se khothaletsoa ho ea Maseru Central Office ho fumantšoa bosebeletsi.
“Ho tla boela ho fuputsoa batho bohle ba ileng ba sebeletsoa le ho kopana le lepolesa lena ka sepheo sa hore ba hlahlojoe le bona” ho hlalosa Supt. Mopeli.
O tsoetsepele ho bontša hore ho boetse ho tla ba thata ho tseba batho bohle hobane lepolesa le sebeletsa batho ba ba ngata, ebile le tsamaea libaka tse fapakaneng ka mehla.
Ho sa le joalo, batho ba 79 ba fumanoeng ba na le tšoaetso ea COVID 19.