Liphetho tsa lihlahlobo tsa COVID-19 li bonahala li ntse li nyoloha ho latela Lekala la Bophelo. Empa ha re sheba sephetho sa la 12 Phatho, 2020, ha ho mofu ea bileng teng. Empa ka la 13 ho bile le mofu a le mong, ka hona bafu ba nyolohetse ho 25.
Ha e le lipalo tsa batho ba fumanoeng ba na le lits’oaetso lenane le ea nyoloha haholo. Potso ke hore na lipalo tsena li fana ka sets’oants’o se feng? Na Basotho ba ntse ba ikobela likeletso tsa Lekala la Bophelo tsa ho qoba mekhoa eohle e ka akofisang ts’oaetso? Batho ha ba khobokane ka bongata?
Makoloi a baeti a ntse a ikobela molao ka ho palamisa lenane le khothaletsoang ke molao oa COVID 19? Na litsi tsa ts’ireletso tsona li ntse li sebetsa hantle ho bona hore ba sa ikobeleng molao ba isoa makhotleng? E be maikutlo a sechaba ke afeng litabeng tsena.