Motlatsi oa mookameli oa sehlopha sa Lioli monghali Moses Maliehe o seboko ke ka moo kompone ea insurance e leng Alliance e ba sebelitseng hampe ka teng ka ho ba kotela ka chelete ea bona.

Litaba tsena li hlahelletse sebokeng sa baphatlalatsi le baqolotsi ba litaba tsa lipapali e neng e tšoaretsoe setsing sa lipoloko tsa libuka (National Library) Maseru ka la 12 Phato, monongoaha.
Monghali Maliehe o supile hore ho latela ka moo ba neng ba hlophile ka teng ho ea ka tšebeliso ea lichelete eo ba neng ba e lebeletse ho tsoa ho Alliance ba sitiloe le ho reka libapali tsa boikhethelo ba bona.
Monghali Maliehe o ile a etsa mohlala ka hore ba sitiloe ho fumana John Mofokeng eo a bileng a leba sehlopheng sa Linare. A tsoelapele ho toboketsa hore le Vilakazi ha ba atleha ho mo reka.
O itse thahasello ea Lioli ke hoba le libapali tsa boemo bo phahameng (Quality players), a re ho na le tse ling tse tharo tseo ba lihlokang, empa ba ea sitoa ho li fumana hobane Alliance e koasitse ka mokotla.
“Re hlompha tšebelisano ‘moho ea rona le Alliance, ka hona ba lokela ho phethahatsa litumellano, ba se nke litaba tsa bo fofo joalo ka tseo ba li fumaneng ho morena oa sehlooho oa Mamathe hobane ke mohlokomeli (Patron) fela oa sehlopha ha na matla a ho etsa liqeto tse kang tsa ho emisa lichelete tsa sehlopha hotsoa ho Alliance.
Ho tsoa lefapheng la bophatlalatsi ba kompone ea Alliance mofumahali Limakatso Mokobocho o hlalositse hore ke ‘nete hore ha ba ea lokollella sehlopha sa Lioli chelete.
“Ke ‘nete hore re tšoere tefo ea sehlopha sa Lioli hobane re na le bothata le botsamaisi ba sehlopha, batho bao re neng re tseba e le botsamaisi ba sehlopha ba ne ntse ba itokolla komiting”, ho hlalosa mofumaha Mokobocho.

Mofumahali Mokobocho a supa hore ba ne ba sa fumane motho eo ba sebetsang le eena ka kotloloho, eare ha ba elelloa hore ho na le komiti e ncha ba hlokomela hore ho na le mathata a mangata a potileng sehlopha.
Ka hona bookameli ba Alliance ba laela hore ba ke ba fumane hantle hore na boemo ba komiti ena encha ea Lioli ke bofeng, le hore ba lokela ho buoa le mang, ba ikholise hore ba sebetsa le batho ba nepahetseng.
A tsoelapele ho bolela hore ba entse qeto ka morao ho utloa sehou liphatlalatsong ka hara naha, empa ha e le lengolo le ngoetsoeng ke morena oa sehlooho oa Mamathe ke le leng la mabaka ao ba sitiloeng ho lokolla chelete ka ona, ‘me ba thakhotse lipatlisiso ka boemo ba Lioli.
“Re ne re bona re se re buoa le batho ba fapaneng ka hona re sa khotsofalle taba eo”, ho phethela sebuoelli sa Alliance.