Seboka sa selemo sa Lioli se tsoelapele

Monghali Lekhooa Thabaneng

Motlatsi oa mookameli ea eteletseng pele mokhatlo oa setereke oa bolo ea maoto (DiFA Berea) monghali Lekhooa Thabaneng o re litaba li mocheng hore seboka sa Lioli se ka tsoelapele ka Sontaha sa la 30 Phato, monongoaha.

Seboka se tla tšoareloa Ha Mamathe moreneng.

Monghali Thabaneng o bontšitse hore holatela phutheho ea la Robong Phato monongoaha le kahlolo ea DISPROCO Berea, DiFA ea Berea e elelitse general manager ea sehlopha sa Lioli  hore a atamele haufi le balateli ba sehlopha molemong oa ho fana ka botho bo tla lumella batšehetsi ho ea kena ‘mokeng oa selemo ka letsatsi le boletsoeng.

E le ho akofisa tšebetso ea general manager DiFA Berea e fane ka sebaka ofising moo hore ofisiri ena e fumanehe ha bobebe ha batšehetsi ba Lioli ba mohloka.

Tabeng ea hore na sepolesa se fane ka tumello ea ho tšoara phutheho ea Lioli, o hlalositse hore tumello e koptjoa ho morena hobane ke ka thoko ho teropo, ‘me morena o fane ka tumello.

A tsoelapele ho hlalosa hore le ha ho le joalo ba bile le liphutheho le mookameli oa sepolesa sa Berea. Hape ba sebetsa ‘moho le NACOSEC ea Berea.

“DIFA Berea ke bakena lipakeng ho latela mangolo a tšeletseng  ao re a fumaneng”, ho bolela monghali Thabaneng.  

A toboketsa hore ke mangolo a mararo ho hlaha ho balateli ba sehlopha sa Lioli, le leng ho tsoa ho mohlokomeli e moholo morena oa sehlooho oa Ha Mamathe, mohlokomeli oa sehlopha monghali Lebohang Thotanyane le ho sehlopha sa Lioli.

Monghali Thabaneng o supile hore ka letsatsi la likhetho ba ilo lebella ho latela lengolo leo ba le ngoletsoeng ke general manager.

A re mosebetsi oa bona ke ho re ba bone hore sebaka (hall) se teng, tšireletso e hlophiloe le hore ho ikamahangoa le melao e tsamaisang litaba tsa COVID – 19.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close