U REPORT ea thakhoha Lesotho

Monghali Lekhetho Ntsukunyane

Mokhatlo oa machaba oa bana (UNICEF) le mokhatlo oa MISA-Lesotho ba thakhotse sethala sa bana le bacha sa ho fitisa melaetsa ka marangrang (SMS le Facebook).

Litaba tsena li hlaheletse ‘mokeng oa baphatlatlatsi ba litaba mapatlelong a mokhatlo oa baphatlalatsi (MISA-Lesotho) ka Labone (10.09.2020).

Mookameli oa MISA-Lesotho monghali Lekhetho Makhanya Ntsukunyane o hlalositse hore sepheo sa sethala sena ke hore bana le bacha ho tloha lilemong tse 10/12 ho isa ho tse 24 ba fumane monyetla oa ho fitisa melaetsa ea litaba tse ba amang tsa bophelo le ntlafatso ka kakaretso.

O hlalositse hore mosebetsi ona o thakhotsoe linaheng tse 69 lefatšeng kakakaretso. A re Lesotho ke lekhetlo la pele e ba teng.

Mookameli a supa hore ho na le liqholotso tse ngata tse tobileng bacha le batho ba baholo tseo ba ka tsebang ho litlaleha ha li etsahala. A etsa mohlala ka litaba tsa molao, thuto le tse ling.

 A supa hore litaba tse tla phatlalatso li tla bokelloa kaofela batho ba batlang ho li sebelisa joalo ka baphatlalatsi ba litaba ba tla ba le bolokolohi ba ho etsa joalo.

Monghali Ntsukunyane a toboketsa hore ba bopile monna a motenya le mokhatlo oa UNICEF hobane e na le thahasello litabeng tsa bana.

Ka lehlakorng le leng mokhatlo oa MISA-Lesotho o na le thahasello litabeng tsa bolokolohi ba puo Lesotho le bophatlalatsi.

A bontša hore ka la 11 Loetse monongoaha ho tla thakholoa likoetlitso tsa bacha ba 150 ba setereke sa Maseru, ‘me ba tla koetlisoa ka lihlotšoana, ka morao ho moo ba tla leba literekeng kaofela.

Mookameli oa MISA a supa hore mokhahlelo ona oa pele o lebeletsoe ho fihlela Motšeanong selemong se tlang, ‘me o tšehelitsoe ka lichelete ke UNICEF ka USD50,000.

A toboketsa hore ho na le bacha ba babeli ba tšoauoeng ho akofisa tšebetso ena (U REPORT Ambassadors) ea bacha e leng Ayesha Khuele le Sekonyela Qaitsane.

Ha e le Ayesha Khuele eo e leng morutoana Limkokwing University of Creative Technology selemong sa boraro a etsa digital film and production o hlaloselitse moqolotsi oa rona hore mosebetsi ona o tla thusa bacha haholo le batho ba etsang maano ka hara naha.

A khothaletsa hore batho ba etsang melao le maano a ‘muso ba atamele le ho mamela bacha hore na ba sheba litaba tsa ntlafatso ka hara naha joang.

A re baetsi ba molao ba tla tseba ho fumana maikutlo a bacha pele ba etsa liqeto.  A mema batsoali hore ba lumelle bana ho sebelisa U REPORT, ba ba tšehetse.

Sekonyela Qaitsane eo e leng sebini e bile e le moqolotsi oa litaba eena o supile hore bacha le ha ba le banyane hakalo ho latela molao, empa ba na le maikutlo a bohlokoa ao ba ka arolelana le batho ba baholo.

A re bacha ba tla tseba litaba tsa naha le ho ba le thahasello ho tsona. Empa ha joale ba tla ba hlokolosi ba fane ka maikutlo a bona.

“Bana ba ntse ba le boliseng ba batho ba baholo, empa ba lokela ho ba le boikarabelo, le bolokolohi ba ho qoqa litaba tse ba amang”, ho rialo Qaitsane.

Ho boetse ho na le bacha ba bararo ba tla thusana ka ho hlokomelisa bomphatho oa bona litabeng tsa ho sebelisa marangrang (Internet). Bona ba hlaha libakeng tse kenyeletsang sekolong sa sechaba (NUL) le tse ling e le litsebi tšebelisong ea internet.

Sekonyela Qaitsane

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close