Sehlopha sa sepolesa sa Lesotho “Semunye” se netefalelitse Lesotho Sport Blizz hore se fumane bokhothokhotho ba chelete e kalo ka M80,000 hotsoa ho mokhatlo oa bolo ea maoto (LeFA).
“Ke ‘nete mongaka hore Semunye e khakelitsoe ke LeFA joalo ka ha e ne e tšepisitse”, ho rialo raliphatlalatso oa sehlopha monghali Mosiuoa Lekhooana.
“Chelete ena e tlo sebetsana ka kotloholo le litaba tse amanang le Covid -19.
O tsoetsepele hore lintho tseo tsona li kenyeletsa ho reka likoala molomo le linko (face masks) sebakeng sa sehlopha kaofela. Ho reka senyayantsi (sanitizer) ka lituntoana tsa 25 liters tse ‘maloa, le ho fumanela sebapali ka seng se nyanyatsi tsa sona.
Hape ho tla boeloa ho rekoe liatlana (surgical gloves).
“Re tla boela re bokella sohle seo re ka fumanang se hlokahala sebakeng sa ho thibela COVID-19 ho libapali tsa rona le botsamaisi”, ho toboketsa monghali Lekhooana.
Ha se khale ha mokhatlo oa papali ea bolo ea maoto ka mongoli oa oona monghali Mokhosi Mohapi a bolela hore lihlopha tsa mekhahlo e fapakaneng tse ingolisitseng le LeFA li tla imona menoana ho latela kameho ea tsona e bohla ka lebaka la seoa sa COVID -19.
Mongoli oa LeFA o ile a hlalosa hore lihlopha li tla tšoasa ka tsela e latelang:
Lihlopha tse kholo tse 14 sehlopha ka seng se tla kibakiba ka M80,000, tse 20 tsa A division tsona li fumane M40,000.
Lihlopha tse 458 tsa B le tse 181 tsa C li tla hashaletsoa M10,000 le M6,000 sehlopha ka seng.
Chelete ena ho latela monghali Mohapi e lebeletsoe ho sebelisoa fela litabeng tse thefutseng sehlopha ka lebaka la ho thibela tšoaetso ea Corona.
Monghali Mohapi o lomahantse meno hore haeba sehlopha se ka fumanoa se khelositse chelete ena se tla fumana likotlo tse boima tse kenyeletsang hore sehlopha se behelloe ka thoko ho lipapali tse tsamaisoang ke LeFA.
Ka hona ke tšepo ea rona hore lihlopha li tla sebelisa chelete ena hantle.