Monghali Lekoatsa Chaka
Mokhatlo oa papali ea cricket Lesotho (LCA) o tšoere ka natla ho hlophisetsa ho ba le litsi tsa boikoetliso tsa cricket Lesotho (Cricket Hubs).
Litsi tsena li tla fumaneha literekeng tse hlano tse kenyeletsang Botha Bothe, Leribe, Berea, Maseru le Mohale’s hoek.
Ka hona LCA e thakhotse likoetliso tsa batho ba tla ikarabella litsing tsena kaofela, ‘me likoetliso tsena li etsoa ka litereke tse amehang.
Koetliso ea pele e thakhohile Leribe, sekolong se phahameng sa Hlotse. Thupelo ena e tšoaroang matsatsi a mararo ea bobeli e bile Berea ho tloha ka la ‘ne Pulungoana monongoaha.
Thupelo ea pele e atlehile ho keneloa ke batho ba 18 ha ea bobeli e bile barati ba cricket ba 32.
Mokoetlisi e moholo oa mokhatlo oa cricket monghali Lekoatsa Chaka o hlalositse hore ka mehla pele ba thakhola koetliso ba kopana le ba amehang papaling ena, ba kenyeletsang libapali, batsamaisi, bahokahanyi, batsamaisi ba libaka tseo litsi li tlang ho ba ho tsona le bahlophisi ba lipapali literekeng tse amehang.
Monghali Chaka a toboketsa hore mokhatlo oa habo ha oa teteanya nyao o kenyeletse bohle ba nang le seabo papaling ena le botsamaisi ba lipapali ka sepheo sa ho atlehisa tšebetso ena ea bohlokoa ebile e le ea pele Afrika.
Sepheo sa LCA ke hore litsi tsena li be le bakoetlisi, batsamaisi le bahokahanyi ba litereke.
Koetliso e hlahlamang e tla tšoareloa seterekeng sa Maseru, moo teng ho lebeletsoeng batho ba bangata ba tla kenela thupelo hobane Maseru ho tla ba le litsi tse peli e leng sekolong se phahameng sa Lesotho le Maseru Private Academy Ha Thetsane.
Mokoetlisi e moholo ha a fera ka mahomo a tsona o ipilelitse ho batsoali ho tšehetsa litsi tsena ka ho lumella bana ho lisebelisa.
“Ngoana ha fitla setsing o tla fumana lisebelisoa tsohle tsa cricket tseo ngoana a tla lisebelisang ho koetla, e sitana le batataisi ba tla thusa bana”, ho toboketsa monghali Chaka.