Mofumahali Violet Maraisane
Ea buileng lebitsong la ‘Musi oa setereke sa Mohale’shoek empa e le mohlanka oa pusong ea libaka monghali Malefetsane Nkhabu o itse o tla rala litaba tse tlalehiloeng ke baphatlalatsi.
Tsena o li boletse ha a koala ka molao thupelo ea baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba ba neng ba kenetse thupelo ea ho thakeloa ka malebela a ho fokotsa litšoaetso tsa HIV. Thupelo e ne e tsoelapele Mohale’hoek ho tloha ka la 17 ho fihlela ka la 19 Pulungoana monongoaha.
Mosebetsi na o hlophisitsoe ke mokhatlo oa machaba a kopaneng oa kholo ea sechaba (UNFPA) le komisi ea naha ea litaba tsa kokoana-hloko ea HIV le AIDS (National AIDS Commission).
Moghali Nkhabu eo e neng e mong oa barupelli a bontša hore ba tla tšohla litaba tsena le ba habo li be liphethahatsoe hobane ke molemomg oa sechaba sa Majantjeng le naha ea Lesotho.
A re o sitiloe ho utulla litaba tsena tsa bohlokoa ha kana tse fumanoeng ke baqolotsi. A khothaletsa hore thupelo ea mofuta ona e tšoaroe literekeng tsohle tsa naha ea Lesotho.
“Tsamaeang le ee sechabeng, empa re buisane khafetsa e le hore re tsebe ho atleha ‘moho”, ho rialo monghali Nkhabu.
“ Ke ka lona Basotho ba ka fumanang bophelo bo botle le ho tseba litaba tse potapotileng HIV le AIDS.
Lebitsong la Komisi ea AIDS (National AIDS Commission) Mofumahali Mzondase Tsepane e bile e le eena ea lihulang nthau ofising ea liphatlalatso tsa Komisi o bontšitse a khahliloe ke boithukhubetso ba baphatlalatsi ba neng ba kenetse thupelo.
A re u bona hantle hore ba tlo khutlisetsa mohoma temeng litabeng tsa HIV le AIDS. A leboha bohle ba kentseng letsoho katlehisong ea thupelo ena.
“Boqolotsi le bophatlalatsi ke lerato la pelo eaka”, ana ke mantsoe a mofumahali Violet Maraisane ha leboha ba kenetseng thuphelo lebitsong la UNFPA.
A re barupeluoa ba kentse letsoho ka hohle ho bona hore thupelo ena ea atleha. A supa hore joalo ka masole ba atlehile ho bokella litaba tse ngata tse amang thibelo le kalafo ea HIV le AIDS ho sechaba sa Mohaleshoek.
A supa hore le ha baka fana ka chelete e ngata ha fela boqolotsi bo emeletse thoko ha ho katleho e kabang teng.
Mofumahali Maraisane a toboketsa hore ba etse hloko e le UNFPA hore bophatlalatsi ba Lesotho bo na le liqholotso tsa lisebelisoa se kenyeletsang mokhoa oa ho tsamaea.
“Ha ke bone bothata ba hore re ka hlopha koloi e tla thusa baphatlalatsi ho fihla libakeng tseo ba ratang ho bokella litaba ho tsona molemong oa hore sechaba se fumane thuto le kutloisiso ka le lefu la HIV/AIDS e le ho fokotsa keketseho ea litšoaetso”, ho hlalosa mofumahali Maraisane.
A hlahisa hore e le ho khothaletsa baqolotsi ho phetha mosebetsi oa bona ka thahasello ba tla hlopha le MISA-Lesotho hore ho tšoaroe likhau ka moso.
Ea buileng lebitsong la MISA-Lesotho monghali Lekhanya Mpesi eena o lebohile bahlophisi ba thupelo.
A supa hore lithupelo tsa mofuta ona li thusa haholo hobane baqolotsi ba khola litholoana tse molemo e le ho etsa mosebetsi oa bona ka thello.
“Ha re fihla litsing tsa rona tsa bophatlalatsi re tla buoa litaba tse nang le moko”, ho bolela monghali Mpesi.
A re HIV/AIDS e ne e se e le khutsana e senang beng, empa kajeno e tlositsoe khutsana.
Ha e le mofumahali Lerato Buthelezi ea khobotlileng lebitsong la ba neng ba kenetse thupelo o supile hore thupelo ena e ba thusitse haholo hobane ba ne ba le lefifing la litaba tse ngata tsa HIV le AIDS.
A hlokomelisa barupeli hore ba fane ka nako e nyenyane sebakeng sa thupelo. A re ho bonahala thuto e hlokahala sechabeng sa Basotho.
A etsa mohlala ka monna-moholo ea lilemo tse 85 a khola chelete ea penchele ea ‘muso empa a ntse a re ha ho lefu la HIV le AIDS, ke mahae, ‘me litaba tsena ha se ‘nete.
“Tšebelisano ‘moho ea rona le lona e tsoelepele ka ho sa feleng molemong oa bophelo ba sechaba sa Basotho”, ho phethela mofumahali Buthelezi.
.