Senior Superintendent ‘Mamosa Hlao
Sepolesa sa Mohale’shoek ha se ea itheka moroalo thibelong le tlhokomelong ea mapolesa litabeng tsa lefu la HIV le AIDS.
Taba ea ho hlokomela bophelo ba mapolesa e ka sehloohong ka hara sepolesa sa Lesotho. Ka hona sepolesa sa Majantjeng ha sea salla morao.
Ha re phura leshoetla le mookameli oa motebo oa sepolesa sa Mohale’shoek Senior Superintendent (SSP) ‘Mamosa Hlao o hlalositse hore beke engoe le engoe ba mema litho tsa mokhatlo oa sepolesa o bitsoang Ha Re Pheleng ho fana ka likeletso ho bo-mphato oa bona.
A re ba tšohla bohlokoa ba ho tseba boemo ba bona, empa ba seng ba tseba boemo ba bona ba khothaletsoa ho sebelise litlhare hantle ho latela lipehelo tsa lingaka.
Mokhatlo ona o thongoe ke sepolesa ka sepheo sa ho fana ka tšehetso ho mapolesa a nang le bokulo bo fapakaneng joalo ka lefu la tsoekere le HIV/AIDS e sitana le amang.
Ba eletsoa ka hore ba tsebang boemo ba bona ba tšepahalle litlhare tsa bona ka mehla.
SSP Hlao a hlalosa hore moo e bang ho na le thloko basebeletsi setsi sa bophelo (clinic) ea sepolesa e fumanehang Maseru ba tla seterekeng ho tla fana ka thuso e hlokahalang e kenyeletsang thuto le tse ling. Ba boetse ba fana ka liatlana (Gloves) le likhohlopo ho mapolesa.
“Re sebetsa ka thata ho bona hore mapolesa a thibela tšoaetso ea HIV/AIDS”, ho bolela SSP Hlao.
A tsoelapele ho supa hore hape ba mema sepetlele sa Ntšekhe hore khafetsa ba buoe le mapolesa ka mafu ka ho fapakana ho kenyeletsa le HIV/AIDS.
A supa hore batho ba nang le bokulo ba fumana monyetla oa hoea litsing tsa bphelo le ho sebetsa mesebetsi e ba lokelang.
“Litho tsa mokhatlo oa Ha Re Pheleng li hokahana le mekhatlo e meng ea sepolesa e kang Women’S Network le International Police Association (IPA)”, ho hlalosa SSP.
A phethela ka hore hape ba hloela malapa a mapolesa a hlokahetseng, le ho thusa ban aba bona ka litlhoko tse ling.
Ha e le raliphatlalatso oa sepolesa Senior Superintendent Mpiti Mopeli eena o supile hore Ha Re pheleng ke mokhatlo oa sepolesa o shebaneng le ho tšehetsa batho ba ka amehang litabeng tsa HIV le AIDS e sitana le mafu amang.
A supa hore hape ba na le batho ba sebetsanang le ho hlabolla mapolesa (Counselors).
Ho tloha moo ho na le setsi sa bophelo sa sepolesa se fumanehang Maseru, “me setsi sena se khahlametsa litabeng tsa bophelo empa HIV le AIDS e ka sehlohong.
Ho boetse ho na le lefapha la borapeli (Chaplaincy) le sebetsanang le ho hlabolla mapolesa semoeng.
A toboketsa hore litereke kaofela li thehile likomitjana tsa mafapha ana a boletsoeng ka holimo. Ka hona setereke sa Mohale’shoek ha se mokhelo.
Moo e bang litereke lihloka tlatsetso ea lijo tse matlafatsang ‘mele ntlokholo ea sepolesa e fana ka tsona, e sitana le ho ba abela liatlana (Gloves) le likhohlopo (Condoms).
Liatlana li thusa moo e bang mapolesa a ilo thusa sechaba boemong boo bo ka bang le menyetla ea ho fitisa tšoaetso ea HIV, ba lule ba bolokehile.
Sepolesa se tšoarane ka matsoho le mekhatlo e ikemetseng litabeng tsa ho thibela le ho loantša HIV le AIDS.
SSP Mopeli o hlalositse hore litaba tsa HIV le AIDS li kenella meralong ea selemo le selemo.
“U tla hopola hore taba ea linoko tse tharo lekholong (3%) tse neng li tšoaetsoe HIV le AIDS li ile tsa fitisetsoa ho loantšeng seoa sa corona, empa le ha ho le joalo bookameli ba sepolesa bo kenyeletsa HIV le AIDS meralong ea sepolesa”, ho phethela raliphatlalatso oa sepolesa.
Setho sa mokhatlo oa Ha Re Pheleng Sergeant Seth Moeketsi o supile hore litho tsa mokhatlo ona ke mapolesa le batho bao eseng mapolesa empa ba sebetsa sepoleseng sa Lesotho.
Sepheo sa oona ke hore mapolesa a nang le tšoaetso ea HIV le AIDS le a se nang eona a fumane tsebo ka bophelo bo botle.
A re motho ha e le setho o lokela ho tseba boemo ba hae, empa ha ho phatlalatsoe litaba tsa boemo ba hae ka mokhatlong kappa sechabeng.
Sgt. Moeketsi a bontša hore ba boetse ba tšehetsa mapolesa a sebelisang lihlare tsa mafu ohle ho li sebelisa hantle ka linako tsohle.
A re le batho ba sa ikamoheleng hore ba na le bothata ba buoa le bona le ho ba eletsa. A toboketsa hore ba fumana likhohlopo le lijo tse matlafatsang ho hlaha ntlokholo ea sepolesa Maseru.
Hape ba kenela lithupelo tse qetang beke kaofela libakeng tse fapakaneng e le ho ithuta ka litaba tsa bophelo le ho kenyeletsa HIV le AIDS.
“Mokhatlo ona ke oa bohlokoa haholo ka hara sepolesa, hobane le mapolesa a sa sebelising litlhare tsa ona re ba khothaletsa tsona ebe ba tsoelapele ka tsona”, ho phethela Sgt. Moeketsi.
Ho ea ka komisi ea naha ea thibelo le toantšo ea HIV le AIDS (NAC) ke batho ba 13, 000 tšoaetsoang ke HIV ka selemo. Ka hona ho bohlokoa ho sebetsa ka matla ho thibela litšoaetso ka hara naha.
Mosebetsi oa NAC ke ho hokahanya mesebetsi ea litereke tsohle Lesotho. Ba boetse ba e ntse tlama thata litabeng tsa ho thibela le ho loantša HIV le AIDS le mafapha a kang mokhatlo oa machaba oa litaba tsa keketseho ea sechaba (UNFPA).