Maikutlo a fapakane ka lipapali tsa Vodacom Premier League

Ho boetse ho so le monate hape Lesotho. Ke bolela joalo hobane lipapali tsa bolo ea maoto li thakhohile.

Ka hona barati bapapali ena ba tseba ho leba mabaleng ka ho fapakana ho ea shebella lihlopha tsa bona ha li nkhisetsana mahofi.

Ho ba bang ho monate hobane lihlopha tsa bona li se li tsoile tjaro ea mabona. Ha tse ling tsona li hula ka falese.

Ka Laboraro la la 23 Ts’itoe monongoaha li tla bapala lipapali tsa bone mabaleng a fapakaneng. Setla bocha ke hore joale likoebana le hara beke.

Hantle litaba tsena li bakiloe ke hore hobane lipapali li ile tsa emisoa ke seoa sa corona, eaba joale lithakhoha morao nakong. Joale sepheo ke hore selemo sa lipapali se finyelle hantle isao.

Empa joale ke makaletse ho utloa hore lihlopha tse ngata ke liboko fela ka hore li fetoletsoe mabala. Ka hona taba eo ha ea balula ha monate.

Ha ke sheba litaba tsena ke bona marumo a shebile ka ho komiti ea litlhophiso tsa liki ea lipapali tse kholo tsa papali ea bolo ea maoto ( PLMC).

Ha re sheba taba ena ea mabala ho fumanehile hore ke mafapha a seshongoana a ikarebellang litabeng tsa mabala.

Hantle ho na le PLMC le Club Licensing Committee (CLC), ‘me ka bobeli ba tsona ke matsoho a matona a mokhatlo o moholo o tsamaisang papali ea bolo ea maoto (LeFA) ka hara naha.

Mosebetsi oa PLMC ke ho tsamaisa lipapali tsa liki e kholo. Ha e le CLC eona mosebetsi oa eona ke ho bona hore lihlopha tse kholo le tsa “A” li fitlela litloko tse nepahetseng sebakeng sa libapali le mabala le tse amanang le tsona.

Mohlala ke ho bona hore lipapali mangolo (Licencing) a libapali le bakoetlisi le hore mabala a nepahetse sebakeng sa ho bapalla ho ona.

Ka hona PLMC e bapalisa lihlopha mabaleng a lumeletsoeng ke CLC. Hape ba ka fetola hore lihlopha libapalle mabaleng a itseng haeba ho na le thloko e joalo.

Le ha ho le joalo, ha ke re ho na le mokhahlelo o nepileng kapa o fositseng, empa ho se khotsofale hona ho teng.

Joale ke hlokometse hore batho ba bang ba ratang papali ena bare ho luloe fats’e ho phuroe leshoetla ho lokisoe litaba, haholo hobane pharela ha eo baneng.

Joale ho na le ba bang ba nang le maikutlo a sa ts’oaneng le ana, che le teng ha ho lere lekhopo. Taba e monate ke hore lipapali tsena li ts’ehelitsoe ka bokhothokhotho ba chelete e kalo ka M8,500.000 sebakeng sa lilemo tse tharo.

Taba boholo ke hore na ebe semphu se nkha kae.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close