Sehlopha sa bolo ea maoto sa Afrika Boroa Kaizer Chiefs se iphethotse ntetekeng ngoana motšeare se otloa ke bohle.
Ho banahetse e se e le tloaelo hore Chiefs e khoathise ke lihlopha tse ling tse bapalang le tsona mokhahlelong oa liki ea Afrika Boroa.
Kajeno ka la 17 Hlakola, monongoaha Chiefs e patlotsoe ke sehlopha sa KZN Amazulu ka lintlha tse peli ho e le ngoe (2-1).
Lintlha tsa Amazulu li kene ka Mulenga le Majoro ha metsotso e le 47 le 85 papali e ntse e tsoelapele ka tatellano.
Ntlha ea Chiefs eona e ehlabiloe ke Castro ha metsotso e le 67.
Ho sa le joalo Matsheke o fumane karete e khubelu ha metsotso e le 72 papali e tsoelapele.
Batšehetsi ba Chiefs ba bonahetse ba khenne haholo ke ka moo sehlopha sa bona se bapalang ka teng.
Ba bang ba lla ka hore mokoetlisi o hloloa ke sehlopha, ha ba bang bona ba re libapali ha li na boikitlaetso.
Ho sa le joalo sehlopha sa Mamelodi Sundowns sa Pitoria se tetekile sa Baroka ka lintlha tsepeli ho lehe (2-0).