Dr ‘Makhoase Ranyali
Boitlhopho ba ho amohela ente e thibelang seoa sa COVID 19 bo se bo le boemong bo pele haholo.
Litaba tsena li hlalositsoe ke Dr ‘Makhoase Ranyali hotsoa setsing sa thibelo le toantšo ea seoa sena NACOSEC.
O bontšitse hore mokhahlelo oa pele ke o tla sebelisoa ho sechaba se ka etsang linoko tse 20 (20 %) lekholong.
O bontšitse hore mokhahlelo oa pele oa linoko tse tharo o tla enteloa basebetsi ba bophelo. Haele linoko tse 17 tsona li tla nanabetsa mekhahlelo e meng ea sechaba e tlokotsing ka ho fitisisa, joalo ka batho ba sebetsang malibohong, ba na le mafu a TB le tsoekere.
Dr Ranyali o supile hore kopo ea liente tse etsang linoko tse 40 ho tsoa ho African Union eona e entsoe ka la 15 Hlakola monongoaha.
Eona e tla tlatseletsa mekhahlelo e meng ea sechaba, e kenyeletsang basebetsi ba lifeme, basebetsi ba merafo, ba sereletsi ba sechaba (Security Agencies) le ba lekala la tsa lehae.
Ente ea linoko tse 20 ha e lefelloe ke Lesotho empa ke karolo ea thuso hotsoa ho mokhatlo oa bophelo oa lefatše (WHO).
Ho hlaheletse hore ente le ha ho ne ho boletsoe hore e tla fitla Lesotho ka ‘Mesa monongoaha, empa e tla ba teng pele ho khoeli eo.
Naha ea Lesotho e beheletse chelete e kalo ka M26 million ka thoko sebakeng sa ho reka ente ea COVID 19.
Ente ha e na ho qobelloa sechaba empa ba tla fuoa thuto ka bohlokoa ba ho e sebelisa, e be motho ka bo mong o ikhethela hore oa entoa kapa che.
Dr Ranyali o tobokelitse taba ea hore ba fumane hore likhokahanyo tsa sechaba (Social media) li fana ka mafosisa ka litaba tsa COVID 19 ho sechaba.
Empa le ha ho le joalo ha ea hlalosa hore na ebe ba tla nka bohato bofeng ka litaba tseo tse fosahetseng tse fitisetsoang sechabeng.