Monghali Teboho Rakhomo
Komisi e tsamaisang lipapali Lesotho (LSRC) e tla tšoara seboka se khethehileng se akaretsang ka ‘mesa monongoaha.
Hoea ka polelo ea LSRC ba tla thakhola seboka se khethehileng ka la 11 ‘Mesa, ebe se akaretsang ka la 25 hona khoeling eo.
Moqolotsi oa Lesotho Sports Blizz o ile a phura leshoetla le raliphatlalatso oa komisi monghali Teboho Rakhomo.
Ka hona o hlalositse hore ho latela molao oa LSRC ba lokela ho tšoara seboka selemo le selemo. A re ngoahola ha ba ea atleha ho tšoara seboka se joalo, ka hona ba tla se tšoara monongaha.
Hape ba tla boela ba tšoare seboka se akaretsang sa monongoaha ha morao ho moo.
Potsong ea hore na ke hobaneng lefothafotha la liboka, e le hore komisi e na le mokotla oa ho etsa joalo.
Monghali Rakhomo o hlalositse hore liboka tsena ka bobeli li etselitsoe likhakanyo tsa lichelete.
A supa hore sebokeng se khethehileng ba tlo kopa ho mekhatlo ea lipapali e bopileng komisi hore ba tšoare liboka tsena.
A re hobane ha ba ea etsa tlaleho ngoahola ka hona ba lokela ho kopa litho hore ba etse litlaleho tse peli monongoaha.
“Ho bohlokoa haeba re kena litšenyehelong e le hobane re phetha seo molao o se toboketsang”, ho phethela monghali Rakhomo.