Sebapali sa sehlopha sa Kaizer Chiefs hotsoa Afrika Boroa Samir Nurkovic se thakhisitse sehlopha sa Orlando Pirates lebaleng la FNB.
Nurkovic o hlabile ntlha ea tlholo ha metsotso e le 54 khahlanong le ba lireng.
“Amakhosi a jabulile”, (e hlalosang hore barati ba sehlopha sa Chiefs se thabile ka puo ea seZulu) ho bolela e mong oa balateli ba sehlopha sa Ephefeni.
Lihlopha tsena tse peli ha likopana kamehla ho kubella lerole ho che khong.
Ka hona le kajeno khoho e ile ea matha ka lerapo thabeng, ntja ea ingoaea ka leoto la pele.
Lihlolopha li ile nakong ea phomolo li lekana e le lehe sehlopha ka seng (0-0).
Ha li khutla phomolong ke moo Chiefs e khutlileng e jele mabifi ntja eja ntjanyana, eaba ha metsoto e le 54 e hlaba ntlha.
Ke moo khotso ea Pirates e ile ea fella teng. Le ha ho le joalo ha e kaba ea itheka moroalo hobane le eona e ne batla ho lekanya lintlha, empa hoaba thata oa monyolosa thaba.
Ka hona Chiefs e boemong ba borobong ka mora ho bokella lintlha tse tharo ka ho hlola Pirates ka ngoe ho lehe (1-0).
Ha e le Pirates eona e ntse e le boemong ba bone.
Re hopola hore Amakhosi e fetohile ntetekeng ka mora ho tlaboloa lipapaling tse tharo ka tatellano pele ho ena ea Pirates liki ea DSTV.