Monghali Salemane Phafane KC
Mookameli oa mokhatlo o tsamaisang bolo ea maoto ka hara naha ea Lesotho monghali Salemane Phafane o bolelletse baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba tsa lipapali hore bakoetlisi ba sa sebetseng hantle lipapaling tsa machaba tse tlang ba itokolle mosebetsing hang hang.
Monghali Phafane o hlalositse hore sehlopha sa naha sa ba ka tlase ho lilemo tse 17 se tla bapala Lesotho ka Tšitoe monongoaha.
Boitlhopho ba sehlopha sena bo tla jaroa ka kotloloho ke Lekala la Lipapali, Tekano le Boithapollo ka litšenyehelo.
———————————————————————————————————————–
Papatso
Haeba u hloka setša MASOWE 2 letsetsa linomorong tse latelang:
58098062/62008062
————————————————————————————————————————Ho tloha moo e tla ba sehlopha sa naha sa ba ka tlase ho lilemo tse 20, sona se tla e lata letailana Eswatini ka khoeli e tšoanang.
Ka morao ho moo e tla ba sehlopha sa naha Likuena, sona se tla bapala lipapaling tsa COSAFA ka Phupu monongaha Durban Afrika Boroa.
Moketliso oa Likuena monghali Thabo Senong o filoe taelo phatlalatsa ke monghali Phafane ea hore bonyane haeba sehlopha se sa bapala hantle bonyane se fitle ho seka-makhaola khang (Semi Finals).
A re LeFA e tla fana ka litlhoko tsohle tsa Likuena e sitana le lipapali tsa setsoalle ho latela ka moo ba batlang ka teng kantle le ka hara naha.