Sehlopha sa Red Skins
Sehlopha sa volleyball se tumeng Lesotho le kantle ho naha se fane ka mali setsing sa phano ea mali Lepereng Maseru ka la Robeli Motšeanong monongoaha.
Hoea ka emong oa bathehi ba sehlopha sena lilemong tse 30 tse fitileng e bile e le motšoari oa matlotlo monghali Retšelisitsoe Motšoene sepheo sa ho fana ka mali ke ho keteka lilemo tse 30 sehlopha sethehiloe.
A supa hore sehlopha sena se thehiloe ka 1991, me bathehi ba sona e ntse e le litho tsa sehlopha le kajeno, ba ntse ba ikamahanya le merero ea sona.
“E meng ea sepheho sa sehlopha ke ho phamisa papali ea volleyball ka hara naha,” ho hlalosa qhoku ea Red Skins.
Ha a tsoelapele o supile hore katleho e kholo e fihletsoeng ke sehlopha ke hore e sale se thehoa ha ho so etsahale hore e be hona le selemo seo se leng sieo lipapaling tsa liki.
A toboketsa hore se hapile liki ea mokhahlelo oa banna ka makhetlo a ka bang 25. Sa boela hapa lipapali tsa machaba ho feta lihlopha tsohle ka hara naha.
Red Skins e kenya letsoho ho holisa papali ena ka hara naha hobane se tsosolosa lihlopha tsohle ka hore li labalabela ho se hlola.
“Kajeno ha sehlopha se fana ka mali mokhahlelo oa banna le oa basali o bile teng, ka kakaretso ea litho tse 35 ha ba atlehileng ho fana ba ka ba 31”, ho toboketsa monghali Motšoeneng.
“Hara ba bileng teng letsatsing leo e ne le ba li lemong tsa ho bapala le litho tse seng li behile meja fatše.
O bontšitse hore ba khothaletsa lihlopha tsohle tsa lipapali ho fana ka mali, e seng tse oelang ho mokhatlo o tsamaisang volleyball (LVA) fela, hobane libapali hangata ke batho ba ba nyenyane li lemong ba ikoetlisang ka mehla, ba qobisoang tšebeliso e mpe kapa e fosahetseng ea lithethefatsi.
A re ka lebaka le boletsoeng ka holimo tumelo ke hore mali a libapali a hantle hore a ka fuoa batho ba bophelo bo fokolang, e seng mali a tla bakela batho ba mathata.