E bile monate le melilietsane lebaleng la Setsoto ka moqebelo ha barati ba papali ea bolo ea maoto ba shebeletse lihlopha tsa bona ka mora nako e telele lipapali li sa tsoelepele.
Re tla hopola hore lefu la Corona le ile la emisa lintho tsohle lefatšeng kaofela e sitana le lipapali li ile tsa ameha.
Ka morao ho hore Tonakholo ea Lesotho e lokolle lipapali, ho bonahetse e le thabo fela ka hara naha.
Sehlopha sa Matlama sa Maseru se khutlile ka bohale ka ho tlabola sa Likhopo ka lintlha tse tharo ho lehe (3-0) li papaling tsa liki ea Vodacom.
Lintlha tsena tse keneng karolong ea pele ea papali kaofela hoa tsona ea pele e kene nakong e ka tlase ho motsotso oa pele papali e thakhohile ka Jane Thabantšo.
Ea bobeli eona e hlabiloe ke ke Phafa Tšosane, ea bonahetse a bapala hantle ha holo mohlankana enoa.
Eaba ntlha ea boraro eona e kena ka Lerotholi Zwane.
Ho sa le joalo Matlama e hlotsoe ke ho hlaba mokoko hobane sethibathibane sa Likhopo se ile sa e thiba.
Lipapaling tse ling tse bapetseng hona ka la 15 Motšeanong monongoaha mabaleng a fapakaneng:
Lesotho Defence Force 2 – 0 Swallows
CCX 1 – 0 Kick4Life
LCS 0 – 0Linare