Sehlopha sa Matlama sa bolo ea maoto sa Maseru se hlabisitse mokoetlisi thoto ka monkhoane ka Mantaha (31 Motšeanong, 2021).
Sena se tla ka morao ho hore Matlama ka Sontaha se fitileng se tlaboloe ke sehlopha sa Leribe e leng Linare ka lintlha tse peli ho lehe.
Komiti e kholo ea sehlopha sa Matlama e nkile qeto ea ho leleka eo e neng ele mokoetlisi e moholo oa sehlopha monghali Charles Reuben Manda.
Lebaka le ka sehlohong la teleko ena ke ho hloleha hoa monghali Manda ho fihlela lipehelo tsa mosebetsi oa hae.
“Ho joalo ntate mokoetlisi oa mehleng oa Matlama o lokolotsoe ke botsamaisi ba sehlopha hobane litholoana tsa Matlama e se tse hlabosang hohang”, ho toboketsa raliphatlalatso oa sehlopha sena monghali Daniel Moletsane.
O tsoetsepele ho hlalosa hore hape konteraka ea monghali Manda e fela ka li 11 tsa khoeli e tlang.
Monghali Moletsane a supa hore komiti e boetse e nkile qeto ea hore eo e neng e le motlatsi oa mokoetlisi monghali Molebatsi o tla tšoara sa maratsoana e le mokoetlisi e moholo ho fihlela pheletsong ea selemo sena sa lipapali.
Monghali Molebatsi eena o tla tlatsoa mosebetsing oo ke benghali Sello Seholoholo le Mokoena Mohale.