Ho utloahala molumo o mongata ka sehlopha sa naha sa papali ea bolo ea maoto Likuena.
Ho na le maikutlo a hore se bonahala se sa sebetse hantle ka mehla e leng se sa thabising Basotho, haholo ha ho sebelisoa lichelete tse ngata ho bona hore se sebetsa hantle, empa ha ho nko hotsoa lemina.
Ha re sheba lipapaling tsa setsoalle tse peli tse bapetsoeng maqalong a beke ena e sitana le kajeno Likuena ha ea sebetsa hantla hohang.
Papaling ea pele lipakeng tsa eona le Mozambique se tlabotsoe ka lintlha tse hlano ho lehe.
Eaba papaling ea kajeno se khitloa ke Eswatini ka ntlha e le ngoe ho lehe.
Taba ena ea hore le ha se sa hlole empa ebe se sitoa ho hlaba lintlha ke engoe ea ngongoreho ea Basotho ba ratang Likuena.
Ha ke mametse puo ea mokoetlisi ka morao ho papali ena ea Eswatini ke utloa a bontša ho na le tsoelopele e bontšitsoeng ke sehlopha ha bapisa papali ena le ea pele.
O supile e ne e le papali e thata o na bile a kentse libapali tse ncha tse se nang boiphihlelo (Experience). Ha Eswatini eona e sebelisitse libapali tse nang le boiphihlelo.
Monghali Thabo Senong o supile hore ba ithuthile tse ngata ka papali ena. Hao rona re tla be sale re kena sekolo, ha re sa pasa.
Potso e kholo ke hore na ebe ho ka etsoa joang hore Likuena e fetole papali ea eona? E be Lesotho mona ha ho na libapali tsa boemo ba linaha tse ling, kapa li teng empa ha li sebelisoi ka nepo?
Ke lipotso tseo motho a ka ipotsang tsona tsena ha ho bonahala e ka lihloa lekhoara tjena ka sehlopha sa Basotho.
Ka mehla ha sehlopha se qeta ho bapala batho ba se ratang ba tšoara ke mafu a lipelo, ba buoa ba le bang ebile ba omana.
“Me sena se bontša hore bothata bo boholo ka sehlopha sa Likuena.
Botsamaisi ba mokhatlo oa bolo ea maoto Lesotho bo ikitlaetsa haholo ho bona hore sehlopha se sebetsa hantle.
Mookameli oa LeFA Adv. Salemane Phafane o itlamme ka pela Basotho hore o tla etsa sohle se matleng a hae ho bona hore sehlopha se fumana litlhoko tsohle hore sebe boemong bo tla thabisa Basotho.
Joale taba ke hore na e be semphu se nkha kae.