LCA e anetsa cricket Mafeteng

Monghali Tiang Sefali

Moifo oa mokhatlo oa papali ea cricket (LCA) o ile oa chakela Mafeteng bekeng e fitileng ka sepheo sa kanetso ea papali ena ho sechaba sa Mafeteng.

Litaba tsena li susumelitsoe ke monghali Tiang Sefali eo e leng moahi oa Mafeteng.

O ile a kopa mokhatlo hore o ba tataise hore na ba ka theha lihlopha tsa papali ena joang e le hore bacha ba fumane litsebo le ho qoba litlolo tsa molao.

Lesotho Sports Blizz e ile ea phura leshetla le monghali Sefali ea supileng hore ke takatso ea hae ho pharalatsa papali ea cricket ka hara setereke sa habo sa Mafeteng.

Monghali Sefali o supile hore ba thehile komiti ea nakoana e hlophelang ho thakholoa hoa papali ea cricket Mafeteng.

A toboketsa hore ke eena molula-setulo oa komiti ena.

Komiti e kenyeletsa marena, matichere le batho ba bang ba nang le thahasello ea ho holisa papali ea cricket.

“Re sehlopha sa batho ba bahlano ba kenyeletsang matichere, morena le karolo ea sechaba, re hlophisetsa hore papali ena ea cricket e be teng Mafeteng”, ho hlalosa monghali Sefali.

A bontša hore ba bile le kopano e mofuthu le moifo oa mokhatlo oa cricket hotsoa Berea. Ka hona ba tsebile ho tšohla toro ea bona.

Ba fumane tšehetso e matla ka morao ho hore barapalatse moralo oa bona.

“Re lakatsa hore litaba tsena li fitlele ho Mosotho e mong le emong tlase metseng mane”, ho tsoelapele monghali Sefali.

A re lipapali tse ngata ha li tsebahale Mafeteng ke ka hona ba boneng ho hlokahala ho tlisa cricket Mafeteng.

O tobokelitse hore ba boela ba sebetsa ‘moho le mohlophisi oa lipapali seterekeng ho akofisa morero ona.

Ba boetse ba tla sebetsa le litho tsa makhotla a puso ea libaka metseng.

Ha e le morena oa Matsatseng Ha Ranteme morena Tšitso Ranteme Sefali moo phutheho ea moifo oa Mafeteng le oa mokhatlo oa cricket ba neng ba kopanetse  teng o boletse joana:

“Ke amotse baeti motseng oa haeso oa botsamaisi ba papali ea cricket Lesotho”

O tsoetsepele ho supa hore e bile tlotla le thabo e kholo ho tlisetsoa litaba tse monate tsa papali ea cricket sebakeng sa bona.

A re joalo ka ha e le morena o ananela tšebetso ena e bile eena le ba makhotla a libaka ba tla kenya letsoho ho bona hore morero ona oa atleha.

A khothaletsa hore bacha le sechaba ba ikitlaetse hore cricket ea bapaloa sebakeng sa hae le Mafeteng kakakaretso.

A totobatsa hore Lesotho le lokela ho tsejoa ka litalente tsa bacha joalo ka linaha tse ling.

“Litalente li ngata metseng mona tse ipatileng tse ka tsoelang bacha Ba Lesotho molemo o moholo”, ho rialo morena Sefali.

A leboha moifo oa mokhatlo oa cricket le bohlophisi ba Mafeteng ka sepheo sena se tla tlisetsa sechaba sa Mafeteng litholoana tse hlabosang.

E mong oa moifo oa LCA monghali Lekoatsa Chaka e leng ea ikarabellang likoetlisong (Development Officer) ha akhela molangoana oa hae o supile hore ka pele ba tla khutlela Mafeteng.

 A Hlalosa hore ba tla rupela mekhahlelo eohle ho tloha ka libapali, bakoetlisi le botsamaisi.

Monghali Chaka khothalelitse litereke tse ling ho sala sa Mafeteng morao ka morero oa ho ntlafatsa cricket Lesotho.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close