Red Skins e khutlisetsa sechabeng hape

Sehlopha sa papali ea volleyball sa Maseru Red Skins se phalletse bana ba sekolo sa Mabote LECSA ka lisebelisoa tsa sekolo.

Kakaretso ea thepa e fanoeng ke lieta tsa bashanyana ba 15 le banana ba 15, ‘me ke kakaretso ea bana ba 30.

Ba boetse ba fane ka qubu ea mesangoana ea banana eo ba e sebelisang ka linako tsa bona ha ba le matsatsing..

Hoea ka sebueleli sa sehlopha Motšelisi Makoa setho se seng le se seng sa Red Skins se ne se kopiloe hotla le mesangoana e ‘meli motho ka mong.

O tsoetsepele ho bontša hore sepheo sa mosebetsi ona ke ho keteka lilemo tsa sehlopha tse 30 se thehiloe Lesotho.

“Kajeno re keteka ka ho fana le ho anetsa thuso moo ho hlokahalang moo re faneng ka lieta tsa sekolo le mesangoana ea banana ba sekolo sa mathomo sa Mabote LECSA.

“Litho tsa sehlopha ka bo mong li kentse matsoho lipokothong ho atlehisa morero ona,ka hona  ha rea lekanya boleng ba chelete bo sebelisitsoeng”’ ho toboketsa Makoa.

O hlalositse hore ho khethiloe mabitso a likolo tse tharo ao ho ona sekolo sena se ileng sa hapa.

A tsoelapele ho bolela hore lethathamo la likolo le teng le seng le entsoe la lithuso tse ntseng li tla fanoa ke sehlopha,

Hara tsona ho hloauoe sekolo se mahareng (high school) se tla latela.

Ke litho tsohle tsa sehlopha tse faneng moo empa botsamaisi bona bo kentse letsoho le toma haholo ka ho reka lieta.

Sehlopha ha joale se ntse se bapala lipapali tsa setsoalle e le ho itukisetsa liki ha e thakhoha ka Phato monongoaha.

Sehlopha se bopiloe ka lihlopha tse peli sa baroetsana le ba hlankana.

Re tla hopola hore ha se khale ha sehlopha sa Red Skins se fana ka mali molemong oa bophelo ba Basotho.

E se e ka lihlopha tsohle tsa lipapali li ka nka mohlala ona le tsona tsa khutlisetsa sechabeng ka mekhoa eohle e amohelehang.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Twitter picture

You are commenting using your Twitter account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s

%d bloggers like this:
search previous next tag category expand menu location phone mail time cart zoom edit close